Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 2:3 - BIBELE

3 Yaba kgosi ya Jeriko e romela molaetsa ho Rahaba, e re: “Ntsha banna ba fihlileng ho wena, ba keneng ka tlung ya hao, hobane ba tlile mona ho tla hlahloba naha yohle.”

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ebile morena wa Jeriko o romela ho Rahaba, a re: Ntsha banna ba tlileng ha hao, ba keneng tlung ya hao; hobane ba tlile ho qamakisisa lefatshe lohle.

See the chapter Copy




Joshua 2:3
15 Cross References  

Kamora kgwedi tse tharo Juda a bolellwa, ha thwe: “Tamare, ngwetsi ya hao, o ile a iketsa seotswa, mme ho feta mona ke moimana ka baka la bootswa boo ba hae.” Juda a re: “Mo tliseng, mme a tjheswe!”


Empa ra re ho yena: ‘Re batho ba nnete, ha re dihlwela.


mahosana a Baamone a re ho Hanune, monga wona: “O bona eka ke hobane Davida a tlotla ntatao ha a rometse maqosa ho tla o tshedisa? Na hase ho tla hlahloba motse, le ho o hlwela, hore a tle a o hape?”


Jwale bahlanka ba Abosalome ba kena ka tlung ya mosadi eo, ba re: “Bo-Ahimase le Jonathane ba kae?” Mosadi a re ho bona: “Ba se ba tshetse noka ya Jorodane.” Ha ba se ba batlile, mme ba sa ba fumana, ba kgutlela Jerusalema.


Empa mahosana a Baamone a re ho Hanune: “O bona eka Davida o tlotla ntatao, ha a rometse maqosa ho tla o tshedisa? Na bahlanka ba hae ha ba a tla ho wena moo ho tla hlahloba naha, le ho e hlwela, hore ba tle ba e hape?”


‘Ha koduwa e etla ya kgopo o a pholoswa, tsatsi la kgalefo le lona o a le phemiswa?’


“Ya rohakaneng eo, mo ntshetseng kantle ho diahelo, mme bohle ba mo utlwileng ha a rohakana ba bee matsoho a bona hodima hlooho ya hae, ebe setjhaba sohle se mo tlepetsa ka majwe.


Pilato a tswela kantle hape, mme a re ho Bajuda: “Bonang, ke mo tlisa ho lona kantle, le tle le tsebe hore ha ke fumane molato ho yena.”


Hoba a mo tshware, a mo kenya tjhankaneng, a mo neela dihlopha tse nne tsa bahlabani ba bane sehlopheng ka seng, hore ba mo lebele, a hopotse ho mo hlahisa kapele ho setjhaba kamora Paseka.


Bosiung boo Heroda a neng a tla tsoha a mo hlahisa ho setjhaba ka bona, Petrose o ne a robetse pakeng tsa bahlabani ba babedi, a tlamilwe ka mahlaahlela a mabedi, mme balebedi ba lebetse monyako wa tjhankana.


Ba etsa jwalo. Ba ntsha dikgosi tseo tse hlano ka lehaheng, ba di tlisa ho yena, e le kgosi ya Jerusalema, le kgosi ya Heborone, le kgosi ya Jaremute, le kgotsi ya Lakishe, le kgosi ya Egelone.


Ha tsebiswa kgosi ya Jeriko, ha thwe: “Hela, bosiung bona bona ho fihlile banna ba Baiseraele mona, ba tlilo hlahloba naha.”


Mosadi eo a nka banna bao ba babedi, a ba pata, mme a re: “Ke nnete, banna ba babedi ba ile ba fihla mona ho nna, empa ke ne ke sa tsebe moo ba tswang teng.


Sisera a re ho Jaele: “Ema monyakong wa tente, mme ere ha motho a ka fihla, a o botsa, a re: ‘Na ho na le motho moo?’ Wena o tle o re: ‘Tjhe!’ ”


Follow us:

Advertisements


Advertisements