Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 2:14 - BIBELE

14 Banna bao ba re ho yena: “Re tla o shwela, haeba o ke ke wa bolela taba ena ya rona. Ha Morena a se a re neile naha ena, re tla ba mosa ho wena, re tshepahale.”

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Banna bao ba re ho yena: Ho phela ha rona, ho ke ho neelwe lefu bakeng sa lona! Ha le sa hlahise taba ena ya rona, etlare ha Jehova a se a re neile lefatshe, ruri re tla o etsa ka botle le ka nnete.

See the chapter Copy




Joshua 2:14
18 Cross References  

“Jwale, ha le rata ho bontsha mohau le botshepehi ho monga ka, mpolelleng. Le teng haeba ho se jwalo, mpolelleng, e le hore ke tle ke tsebe ho thinyetsa ka letsohong le letona kapa ka ho le letshehadi.”


Ha nako ya ho shwa ha Iseraele e atamela, a bitsa mora wa hae Josefa, a re ho yena: “Haeba ke fumane mohau ho wena, ako bee seatla sa hao ka tlasa serope sa ka. Tshepisa hore o tla nne o nthate, o tshepahale, mme o ke ke wa nkepela Egepeta.


Yaba Davida o roma maqosa ho banna ba Jabeshe-Gileade, o re ho bona: “Morena a ke a le hlohonolofatse, hobane le bontshitse botshepehi ho monga lona, e leng Saule, la mo epela.


E se eka le lona Morena a ka le bontsha lerato la hae le botshepehi ba hae. Le nna ke tla le buseletsa, hobane le entse ketso ena.


Davida a botsa, a re: “Na ho sa na le e mong ya setseng wa ntlo ya Saule, eo nka mo etsetsang molemo ka baka la Jonathane?”


Ha kgosi e feta a e howeletsa, a re: “Mohlanka wa hao o ne a ikakgetse moo ntwa e leng mahlomafubedu; yaba monna e mong o tswa hara theko, o ntlisetsa motho, o re ho nna: ‘Disa motho enwa! Haeba a ka tshoha a phonyoha, o tla bolawa bakeng sa hae; ho seng jwalo o tla lefa silefera e etsang boima ba dikilo tse mashome a mararo a metso e mene.’


Ba rerang bobe ba a lahleha, empa ba rerang botle ba fumana mohau le nnete.


Metswalle mmotwana e isa motho timelong, wa sebele yena o tshepahala ho feta ngwanabo motho.


Ho lehlohonolo ba mohau, hobane ba tla hauhelwa.


Yaba molaodi wa ba sekete o lokolla mohlankana hore a tsamaye, a mo laela, a re: “O se ke wa bolella motho hore o ntomme tsebe.”


Ntlhapanyetseng hore le tla pholosa ntate, le mme, le dikgaitsedi tsa ka, le bana beso, le bohle bao ba nang le bona, mme le re phemise lefu.”


Yaba Rahaba o ba lepeletsa le fesetereng ka thapo, hobane ntlo ya hae e ne e ikgohlile ka lerako la motse, mme a phela kahara lerako.


Motse o tla timetswa, hammoho le tsohle tse ka ho wona, hobane o tlasa thohako ya Morena. Ke Rahaba wa seotswa feela ya tla phela; yena le bohle ba nang le yena ka tlung ya hae, hobane o ne a pate baromuwa bao re neng re ba romile.


Ho banna ba babedi, ba neng ba rometswe ho ya hlwela naha, Joshua a re: “Eyang tlung ya seotswa, le tle le mosadi eo, le bohle bao a nang le bona, jwalokaha le ile la mo hlapanyetsa.”


Joshua a pholosa Rahaba wa seotswa, le ba lelapa lohle la ntatae, le bohle bao a neng a ena le bona. O ntse a phela le Baiseraele ho fihlela kajeno, hobane o ne a ile a pata baromuwa bao Joshua a neng a ile a ba roma ho hlwela Jeriko.


Ka baka lena, tshepahala ho mohlanka wa hao, hobane yena le wena le entse selekane sa Morena. Empa haeba ke entse bokgopo, ke hle ke bolawe ke wena ka sebele sa hao. O tla be o nkisetsang ho ntatao?”


Follow us:

Advertisements


Advertisements