Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 18:7 - BIBELE

7 Balevi bona ha ba na lefa mona hara lona, hobane ho ba baprista ba Morena ke lona lefa la bona. Gade, le Rubene, le karolo e nngwe ya morabe wa Manase, bona ba se ba fumane lefa la bona ka botjhabela, mose wane ho Jorodane, e leng lefa leo Moshe, mohlanka wa Morena, a neng a ba nee lona.”

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Haele Balevi, ha ba na kabelo le lona, etswe boprista ba Jehova e le lefa la bona; Bagade le Barubene le ba mothapo o mong wa leloko la Manasse ba se ba nkile mafa a bona mose wane wa Jordane nqa botjhabela, e leng ao Moshe, mohlanka wa Jehova, a ba neileng wona.

See the chapter Copy




Joshua 18:7
11 Cross References  

Yaba Morena o re ho Arone: “O se ke wa ba le lefa naheng ya bona, o se ke wa ba le seabo hara bona. Ke nna seabo sa hao, le lefa la hao hara bana ba Iseraele.


Empa Balevi ba tla sebeletsa ka Tenteng ya Morena, mme ba tla jara makgopo a bona. Ena e tla ba taelo ya mehla yohle melokong ya lona. Ha e le kahara bana ba Iseraele teng, ba ke ke ba eba le lefa.


Wena le bara ba hao le tla sebeletsa le baprista mesebetsing yohle ya aletare, le ho tsohle tse ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa. Ke o nea boprista e le mpho, empa e mong osele ya ka atamelang, a bolawe.”


Ka baka leo, Levi ha a na kabelo lefeng la bana babo. Morena ke yena lefa la hae, jwalokaha Morena Modimo wa hao, a boletse.


Moshe, mohlanka wa Morena, a ena le bana ba Iseraele, ba bolaya dikgosi tseo, mme Moshe, mohlanka wa Morena, a nea ba morabe wa Rubene, le ba morabe wa Gade, le ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, naha eo, hore e be lefa la bona.


Empa Moshe ha a a ka a nea Balevi lefa, hobane Morena Modimo wa Iseraele, ke yena lefa la bona, jwalokaha a ne a ba tshepise.


Follow us:

Advertisements


Advertisements