Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 17:6 - BIBELE

6 hobane baradi ba Manase ba ile ba fumana lefa lefeng la bana ba hae. Naha ya Gileade yona e ile ya eba ya bara ba bang ba Manase.

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 hobane baradi ba Manasse ba kile ba newa lefa hammoho le bara ba hae; bara ba Manasse ba bang ba newa lefatshe la Gileade.

See the chapter Copy




Joshua 17:6
7 Cross References  

naha ya Nafthali e sehelane moedi le ya Manase;


Moshe a abela karolo e nngwe ya morabe wa Manase naha. E ne e le karolo e nngwe ya bana ba morabe wa Manase, ho ya ka malapa abo bona.


Moedi wa bona o ne o tloha Mahanaime, le Bashane yohle, le naha eohle ya Oge, kgosi ya Bashane, le metsaneng yohle ya Jaire e mashome a tsheletseng, e neng e le Bashane.


Le karolo e nngwe ya Gileade, le Ashetarote, le Ederei, e leng metse ya naha ya Oge e Bashane. Ena e ne e le ya bana ba Makiri, mora wa Manase, le ya karolo e nngwe ya bana ba Makiri, ho ya ka malapa abo bona.


Manase o ile a fumana dikarolo tse leshome, ntle ho naha ya Gileade le ya Bashane, e kamose wane ho Jorodane,


Moedi wa naha ya Manase o ne o tloha Ashere ho ya fihla Mikemetate, ka botjhabela ho Shekeme, ebe o thinyetsa ka letsohong le letona ho leba naheng ya baahi ba Ene-Tapua.


Moshe o ne a ile a nea karolo e nngwe ya morabe wa Manase naha, Bashane; Joshua yena a nea karolo e nngwe ya bona naha hara bana babo bona, mose ho Jorodane, ka bophirimela. Le bona, ha Joshua a ba qhala hore ba boele ditenteng tsa bona, a ba hlohonolofatsa.


Follow us:

Advertisements


Advertisements