Morena Modimo o bua tjena: “Ena ke meedi eo ka yona le tla arolela merabe e leshome le metso e mmedi ya Iseraele naha, hore e be lefa. Josefa yena o tla abelwa dikarolo tse pedi.
hobane bana ba Josefa e ne e le merabe e mmedi: wa Manase le wa Efraime. Balevi bona ha ba a ka ba abelwa naha, haese metse ya bodulo, le dibakana tse e potapotileng, hore e be tsa makgulo a dikgomo tsa bona, le a mehlape ya bona.
Moedi wa naha ya bana ba Efraime, ho ya ka malapa abo bona, ya eba ona: Ka botjhabela moedi wa naha ya bona o ne o tloha Atarote-Adare, o ya fihla Bete-Horone e hodimo.
Bana ba Josefa ba bua ho Joshua, ba re: “Ke ka baka lang ha o re file seabo se le seng le karolo e le nngwe feela e le lefa la rona, empa o bona hore re setjhaba se seholo, mme ho fihlela jwale Morena a nnile a re hlohonolofatsa?”