Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 14:2 - BIBELE

2 Lefa leo la ajwa ka lotho, la abelwa merabe e robong le karolo e nngwe ya morabe wa Manase, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 lefa leo la meloko e robileng monwana o le mong le la mothapo o mong wa leloko le leng, la laolwa ka lotho, jwalokaha Jehova a ne a laetse ka Moshe.

See the chapter Copy




Joshua 14:2
14 Cross References  

Batho ba laola ditaba ka lotho, empa diqeto tsona ke tsa Morena.


Ha laola ka lotho ho fedisa diqabang, ho namole ba matla, ba lwantshanang.


“ ‘Mohla le arolelanang naha ka lotho, le aba lefa, le kgethele Morena karolo e nngwe ya yona, e le sebaka se halalelang. Bolelele ba sona e be dikilomethara tse leshome le metso e mmedi le halofo, bophara ba sona e be dikilomethara tse leshome. Sebaka sena sohle e tla ba sebaka se halalelang.


Morena a bua ho Moshe, a re:


Naha eo e tla ba lefa la lona, mme le tla e arola ka lotho, ho ya ka malapa abo lona. Ba bangata o ba abele karolo e kgolo, ba mmalwana o ba abele karolo e nyenyane. Kamoo lotho le tla kgethela motho kateng, lefa le ajwe jwalo. Naha eo e tla ba ya lona ho ya ka merabe ya bo-ntata lona.


Moshe a laela bana ba Iseraele, a re: “Ena ke yona naha eo le tla e arolelana ka lotho, hore e be lefa la lona; eo Morena a laetseng hore e newe merabe e robong, le karolo e nngwe ya morabe wa Manase.


“Ana ke mabitso a banna ba tla le arolela naha, hore e be lefa la lona: moprista Eleasare le Joshua, mora wa Nune.


“Jwale Kgosi e tla re ho ba ka ho le letona: ‘Tloong, lona ba hlohonolofaditsweng ke Ntate, le rue Mmuso oo le o lokiseditsweng haesale lefatshe le thewa,


Ba kgetha ka lotho, la ntsha Matiase, yaba o balellwa le baapostola ba leshome le motso o mong.


Ka baka lena, abela merabe ena e robong, le karolo e nngwe ya morabe wa Manase, naha ena, hore e be lefa la yona.”


Joshua a ba abela yona ka lotho, a le Shilo, kapele ho Morena. Joshua a arolela bana ba Iseraele naha eo, ho ya ka merabe ya bona.


Naha ena le e arole ka dikarolo tse supileng, ebe le ntlisetsa seo le se ngotseng, mme ke tla le etsetsa lotho mona, kapele ho Morena Modimo wa lona.


Follow us:

Advertisements


Advertisements