Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 13:6 - BIBELE

6 “Baahi bohle ba naha e maralla, ho tloha Lebanone, ho ya fihla Miserefote-Maime, le Basidone bohle, ke tla ba leleka kapele ho bana ba Iseraele. Dinaha tsena o di abele bana ba Iseraele e le lefa la bona, jwalokaha ke o laetse.

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Bohle ba ahileng sehlabeng, ho tloha Lebanone ho isa Misrefothe-Maime, Basidone kaofela,

See the chapter Copy




Joshua 13:6
13 Cross References  

Oho, Modimo wa mabotho, ako boele o re tsose, o re bontshe sefahleho se kganyang kgotso, re tle re pholohe.


Naha eo e tla ba lefa la lona, mme le tla e arola ka lotho, ho ya ka malapa abo lona. Ba bangata o ba abele karolo e kgolo, ba mmalwana o ba abele karolo e nyenyane. Kamoo lotho le tla kgethela motho kateng, lefa le ajwe jwalo. Naha eo e tla ba ya lona ho ya ka merabe ya bo-ntata lona.


“Tsoha molota, o be sebete, hobane ke wena ya tla arolela setjhaba sena naha eo ke neng ke hlapanyetse bo-ntata sona hore ke tla se nea yona e le lefa la sona.


Joshua a hapa metse yohle ya dikgosi tseo, a hapa le dikgosi tsa yona, a di bolaya ka sabole, mme a di timetsa ho hang, jwalokaha Moshe, mohlanka wa Morena, a ne a ile a laela.


Morena a neelana ka bona matsohong a Baiseraele, ba ba bolaya, ba ba phaladisa ho ya fihla Sidone e Kgolo, le ho ya fihla Miserefote-Maime, le ho ya fihla kgohlong ya Misepa, ka botjhabela. Ba ba bolaya, ba se ke ba siya le ya mong.


Ka baka lena, abela merabe ena e robong, le karolo e nngwe ya morabe wa Manase, naha ena, hore e be lefa la yona.”


le hle le tsebe hore Morena Modimo wa lona, a ke ke a hlola a falatsa ditjhaba tsena kapele ho lona. Ditjhaba tseo e tla ba leraba le sefi ho lona, le phafa dikgopong tsa lona, le meutlwa ka mahlong a lona, ho fihlela le timela naheng ena e ntle, eo Morena Modimo wa lona, a le neileng yona.


Ke le abetse naha ya ditjhaba tsena tse sa ntsaneng di setse, le ya ditjhaba tsohle tseo ke di ripitlileng ho tloha Jorodane, ho ya fihla Lewatleng le Leholo, nqa bophirimela, hore e be lefa la lona.


Morena Modimo wa lona, ke yena ya tla di leleka, a di falatse kapele ho lona, mme naha ya tsona e be ya lona, jwalokaha Morena Modimo wa lona, a le tshepisitse.


Follow us:

Advertisements


Advertisements