Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 13:4 - BIBELE

4 Ho tloha ka borwa, naha yohle ya Bakanana, le ya Meara, eo e neng e le ya Basidone, ho ya fihla Afeke, le ho ya fihla moeding wa Baamore.

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Hape ke naha ya Baavve ka nqa borwa, le lefatshe lohle la Bakanana, le Meara eo e leng wa Basidone, ho isa Afeke, le moeding wa Baamore.

See the chapter Copy




Joshua 13:4
11 Cross References  

Ha selemo se thwasa, Bene-Hadade a kgobokanya Baarame, a nyolohela Afeke, a futuhela Baiseraele.


Ba phonyohileng ba balehela motseng wa Afeke, empa lerako la motse la pitla ba dikete tse mashome a mabedi a metso e supileng ba bona. Bene-Hadade le yena a balehela motseng, a fihla a kena ka kamoreng e kahare.


o re: ‘Morena Modimo o bua tjena ho Jerusalema: Moo o hlahetseng teng, moo o tswaletsweng teng, ke naheng ya Kanana. Ntatao e ne e le Moamore, mmao yena e le Mohete.


Ke ne ke le ntshe, ka le ntsha naheng ya Egepeta, ka le ntsha, ka le tsamaisa lehwatateng, ka le tsamaisa ka lemo tse mashome a mane, ho ya le nea naha ya Baamore.


Ka mokgwa o jwalo, a bolaya baahi ba naha eo yohle e maralla, le e ka borwa, le e diphuleng, le e matswapong, le dikgosi tsohle tsa yona; a se ke a siya le ya mong. Tsohle tse phelang a di timetsa ho hang, jwalokaha Morena Modimo wa Iseraele, a ne a laetse.


A o romela le ho Bakanana, ka botjhabela, le ka bophirimela; le ho Baamore, le ho Bahete, le ho Baperise, le ho Bajebuse ba naheng e maralla; le ho Bahife ba neng ba le mosikong wa thaba ya Heremone, naheng ya Misepa.


le kgosi ya Afeke, le kgosi ya Lasharone,


le Uma, le Afeke, le Rehobe. Metse e ne e le mashome a mabedi a metso e mmedi, le metsana ya yona.


Puo ya Samuele ya utlwahala hohle naheng ya Iseraele. Baiseraele ba futuhela Bafilesita. Baiseraele ba hloma pela Ebenesere, Bafilesita bona ba hloma Afeke.


Follow us:

Advertisements


Advertisements