Ba Heshebone le ba Elale ba a howeletsa, mantswe a bona a utlwahala hohle ho ya fihla Jahase; kahoo le bahlabani ba Moabe ba a howeletsa, bahlabani bohle ba a thothomela.
“Baahi ba Heshebone le ba Elele ba a lla, sello sa bona se utlwahala Jahase, se utlwahala ho tloha Soware ho ya fihla Horonaime, se be se yo utlwahala le Egelate-Sheleshiya, hoba le metsi a Nimerime a se a pshele.
Empa Sihone a se ke a dumella Baiseraele ho tshela moedi wa hae. A bokanya setjhaba sa hae kaofela, a tswa, a futuhela Baiseraele lehwatateng. A ya fihla Jahase, moo a ileng a lwana le Baiseraele teng.