Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 11:9 - BIBELE

9 Joshua a ba etsa jwalokaha Morena a ile a mo laela. A kgaola mesifa ya dipere tsa bona, dikariki tsa bona tsa ntwa tsona a di tjhesa ka mollo.

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Joshua a etsa ka bona kamoo Jehova a mmoleletseng kateng; a poma mesifa ya maoto a dipere tsa bona, a tjhesa makoloi a bona.

See the chapter Copy




Joshua 11:9
6 Cross References  

Moya wa ka o se kene mererong ya bona, pelo ya ka e se kene mokgatlong wa bona, hobane ha ba halefile ba na ba bolaya batho, ha ba halefetse lefeela ba kgaola dipholo mesifa.


Davida a hapa banna ba Hadade-Esere ba dipere ba sekete le makgolo a supileng, le ba ditaaso ba dikete tse mashome a mabedi. Dipere tsohle tse hulang dikariki tsa ntwa a di kgaola mesifa, a siya feela tse lekaneng ho hula dikariki tsa ntwa tse lekgolo.


O fedisa dintwa ho isa pheletsong tsa lefatshe; o robakanya diqha, a pome marumo, a tjhese dithebe mollong, a re:


“Wena Ninife ke a o lwantsha,” ho rialo Morena wa mabotho. “Ke tla tjhesa kariki tsa hao tsa ntwa, bahlabani ba hao ba bolawe ka sabole, ke o amohe tsohle tseo o di hapileng, bonatla ba hao lefatsheng bo fele, maqosa a hao a se hlole a bo boledisa.”


Morena a re ho Joshua: “O se ke wa ba tshaba, hobane hosasane, ka yona nako ena, ke tla neelana ka bona ho Baiseraele e se e le ditopo. O tla kgaola mesifa ya dipere tsa bona, dikariki tsa bona tsa ntwa tsona o di tjhese ka mollo.”


Follow us:

Advertisements


Advertisements