Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 11:23 - BIBELE

23 Ka mokgwa o jwalo Joshua a hapa naha yohle, ho ya ka tsohle tseo Morena a ileng a di laela Moshe. Joshua a nea Baiseraele naha eo e le lefa la bona, ho ya ka dikarolo tsa bona, le ka merabe ya bona. Jwale naha ya phomola, ya hloka ntwa.

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Joshua a hapa lefatshe lohle jwalo, a etsa ka tsohle tseo Jehova a neng a di boleletse Moshe, mme Joshua a le nea Iseraele hore ba le rue, ka methapo ya bona le ka meloko ya bona; mme lefatshe la phomola, ntwa e le siyo.

See the chapter Copy




Joshua 11:23
20 Cross References  

Bana bao ba kena, ba ikgapela naha; wa kokobetsa Bakanana, baahi ba pele ba naha, wa neelana ka bona matsohong a Baiseraele, hore ka kgosi tsa bona ho etswe borata, le ka baahi ba tsona.


Tloong, le bohe mesebetsi ya Morena, kamoo a ripitlileng lefatshe kateng.


Ela hloko seo ke o laelang sona kajeno. Ke tla o tebella Baamore, le Bakanana, le Bahete, le Baperise, le Bahife, le Bajebuse.


Lena e tla ba lefa la kgosana naheng ya Iseraele. Dikgosana tsa ka di ke ke tsa hlola di hatella setjhaba sa ka, mme naha e setseng di tla e arolela ba ntlo ya Iseraele ho ya ka merabe ya bona.’ ”


Empa Joshua, mohlanka wa hao, mora wa Nune, ke yena ya tla kena naheng eo. Mo kgothatse, hobane ke yena ya tla etsa hore naha eo e be lefa la Iseraele.


Etlare ha Morena Modimo wa lona, a se a le phomoditse direng tsohle tsa lona tse le potapotileng, naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona e le lefa, hore e be ya lona, le fedise lebitso la Baamaleke lefatsheng. Le se ke la ba la lebala!”


Joshua a lwantsha dikgosi tsena ka nako e telele.


Tsena ke dikgosi tsa naha eo, tseo Joshua, a ena le bana ba Iseraele, a neng a di bolaye kamose wane ho Jorodane, ka bophirimela, ho tloha Baale-Gade, kgohlong ya Lebanone, ho ya fihla thabeng ya Halaka, e nyolosetsang Seire. Joshua a abela merabe ya Iseraele naha ena, hore e be ya yona, ho ya ka dikarolo tsa yona.


Joshua a ba abela yona ka lotho, a le Shilo, kapele ho Morena. Joshua a arolela bana ba Iseraele naha eo, ho ya ka merabe ya bona.


Morena Modimo wa lona, o phomoditse bana babo lona jwalokaha a ne a ba tshepise; ka baka leo, kgutlang, le boele ditenteng tsa lona mose ho Jorodane, naheng ya lona, eo Moshe mohlanka wa Morena, a neng a le nee yona.


Ha ho se ho fetile nako e telele Morena a phomoditse Baiseraele dintweng tsa bona le ho dira tsohle tsa bona tse neng di ba potapotile, Joshua a nna a tsofala, dilemo tsa hae tsa nna tsa ya.


Follow us:

Advertisements


Advertisements