Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 11:14 - BIBELE

14 Bana ba Iseraele ba inkela thepa yohle ya metse ena, le diphoofolo, e le kgapo ya bona. Empa banna bohle bona ba ba bolaya ka sabole, ho tihlela ba ba timetsa; ba se ke ba siya le ya mong ya phelang.

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Bana ba Iseraele ba ikgapela mesebetsi yohle e metseng eo, le makgomo; haele batho bohle, bona ba ba bolaya ka bohale ba lerumo, ba ba timetsa, ba se ke ba siya motho le a mong a phela.

See the chapter Copy




Joshua 11:14
12 Cross References  

Ha Jehoshafate le setjhaba sa hae ba ilo hapa, ba fumana maruo a mangata, le diaparo, le dintho tsa bohlokwa. Yaba ba inkela matlotlo ao, mme a eba mangata hoo ba bileng ba sitwa ho a nka kaofela. Kgapo e ne e le ngata hoo ba ileng ba nka matsatsi a mararo ba ntse ba e bokella.


Bana ba Iseraele ba hapa basadi ba Bamidiane le bana ba bona ba banyenyane; le dikgomo tsa bona tsohle le mehlape ya bona yohle, le thepa ya bona yohle ba e hapa.


Empa ha e le basadi, le bana, le dikgomo, le tsohle tse kahara motse, esita le kgapo yohle, le tla inkela tsona e le tse hapilweng, mme le tla ja kgapo ya dira tsa lona, eo Morena Modimo wa lona, a le neileng yona.


Empa ha e le metseng ya ditjhaba tsena tseo Morena Modimo wa lona, a le neang tsona hore e be lefa la lona, teng le se ke la siya letho le phelang.


Ka mokgwa o jwalo, a bolaya baahi ba naha eo yohle e maralla, le e ka borwa, le e diphuleng, le e matswapong, le dikgosi tsohle tsa yona; a se ke a siya le ya mong. Tsohle tse phelang a di timetsa ho hang, jwalokaha Morena Modimo wa Iseraele, a ne a laetse.


Batho bohle ba neng ba phela moo ba ba bolaya ka sabole, mme ba ba timetsa ho hang, ha se ke ha sala le ya mong ya phelang. Motse wa Hasore ba o tjhesa ka mollo.


Empa ha e le metse yohle e hodima dithaba, yona Baiseraele ha ba a ka ba e tjhesa, haese Hasore feela, eo Joshua a ileng a e tjhesa.


Jwalokaha Morena a ne a ile a laela Moshe, mohlanka wa hae, le Moshe a laela Joshua jwalo, mme Joshua a etsa jwalo. Ha ho letho la tsohle tseo Morena a neng a di laela Moshe, leo Joshua a sa kang a le phetha.


O etse Ai le kgosi ya yona jwalokaha o ile wa etsa Jeriko le kgosi ya yona. Le tla inkela feela thepa ya yona, le diphoofolo tsa yona, e le kgapo ya lona. Bahlabani ba lalle kamorao ho motse.”


E bile diphoofolo feela, le thepa ya motse, tseo Baiseraele ba ileng ba ikgapela tsona, ho ya ka taelo ya Morena, eo a ileng a e laela Joshua.


Follow us:

Advertisements


Advertisements