Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 10:4 - BIBELE

4 “Nyolohelang ho nna, le tlo nthusa ke hape Gibeone, hobane baahi ba yona ba se ba entse kgotso le Joshua le bana ba Iseraele.”

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Tloong ho nna le nthuse, re tle re otle Gibeone; hobane ba teng ba entse kgotso le Joshua le bana ba Iseraele.

See the chapter Copy




Joshua 10:4
15 Cross References  

Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: “Haeba mang kapa mang a rata ho ntatela, a itele, a inkele sefapano, a ntatele.


Ha le ne le le ba lefatshe, lefatshe le ka be le ratile seo e leng sa lona, empa kahobane le se ba lefatshe, ke mpa ke le kgethile ho ba lefatsheng, lefatshe le le hloile ke hona.


Ba howa, ba re: “Banna ba Iseraele, thusang! Monna enwa ke yena ya rutang batho bohle, kahohle, thuto e lwantshanang le setjhaba, Molao le Nqalo ena; ebile o kentse Bagerike ka Tempeleng, o silafaditse Nqalo ena e halalelang.”


Efela bohle ba ratang ho phela ho Kreste Jesu ka borapedi, ba tla hloriswa.


Lona bakwenehi, na ha le tsebe hore ho etsa setswalle le lefatshe ke bora ho Modimo? Mang le mang ya ratang ho ba motswalle wa lefatshe o iketsa sera sa Modimo.


Jwale Adoni-Sedeke, kgosi ya Jerusalema, a utlwa hore Joshua o hapile motse wa Ai, o bile o o ripitlile ho hang; le hore seo a neng a se etse motseng wa Jeriko le ho kgosi ya yona, o se entse motseng wa Ai le ho kgosi ya yona. A utlwa le hore baahi ba Gibeone ba entse kgotso le Baiseraele, mme ba bile ba se ba phela hara bona.


Dikgosi tsena tse hlano tsa Baamore, e leng kgosi ya Jerusalema, le kgosi ya Heborone, le kgosi ya Jaremute, le kgosi ya Lakishe, le kgosi ya Egelone, tsa ikopanya, tsa nyoloha le mabotho a tsona wohle, tsa hloma malebana le Gibeone, tsa e futuhela.


Joshua a etsa kgotso le bona, a ba a etsa selekane le bona sa hore a ke ke a ba bolaya. Mahosana le wona a ba hlapanyetsa.


Ba a makala, ebile ba a le nyefola, ha le se le sa kgeme le bona bophelong boo bo hlaha ka ho fetisisa.


Meya ena ke bademona ba etsang mehlolo, ba yang ho bokella dikgosi tsa lefatshe lohle, ho tla ntweng ya letsatsi le leholo la Modimo ya matla wohle.


Follow us:

Advertisements


Advertisements