Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 10:32 - BIBELE

32 Morena a neelana ka motse oo wa Lakishe matsohong a bana ba Iseraele. Ka letsatsi la bobedi a o hapa, a bolaya batho bohle, ba neng ba phela motseng oo, ka sabole, ho latela sohle seo a ileng a se etsa motseng wa Lebena.

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Jehova a neela Lakishe matsohong a Baiseraele; ba o kena ka la bobedi, ba bolaya bohle ba teng ka bohale ba lerumo, jwalokaha ho ne ho entswe Libna.

See the chapter Copy




Joshua 10:32
7 Cross References  

Joshua a hlola Baamaleke, a ba bolaya ka sabole.


Ha molaodi wa ntwa a utlwela hore kgosi ya Asiria e tlohile Lakishe, yaba o a kgutla, mme a fumana kgosi e futuhetse Lebena.


Ha Morena Modimo wa lona, a le neela ditjhaba tsena, le tla di hlola, ebe le di timetsa ho hang. Le se ke la etsa selekane le ditjhaba tseo, leha e le ho di utlwela bohloko.


Ka lona letsatsi leo Joshua a hapa motse wa Makeda, mme a bolaya kgosi ya wona ka sabole, a timetsa ho hang bohle ba neng ba phela motseng oo, a se ka a siya le ya mong. A etsa kgosi ya Makeda jwalokaha a ile a etsa kgosi ya Jeriko.


Joshua, a ena le Baiseraele bohle, a tloha Lebena, a ya Lakishe, a etsetsa motse oo thibella, a o futuhela.


Jwale Horame, kgosi ya Gesere, a phalla ho tla thusa motse wa Lakishe. Joshua a mmolaya le setjhaba sa hae, a se ke a siya le ya mong.


Joshua a hapa metse yohle ya dikgosi tseo, a hapa le dikgosi tsa yona, a di bolaya ka sabole, mme a di timetsa ho hang, jwalokaha Moshe, mohlanka wa Morena, a ne a ile a laela.


Follow us:

Advertisements


Advertisements