Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 10:2 - BIBELE

2 A tshoha haholo, hobane Gibeone e ne e le motse o moholo, o kang o mong wa metse ya moreneng, mme o le moholo ho feta Ai, le banna bohle ba wona e le dinatla.

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 a tshoha haholo, hobane Gibeone e be e le motse o moholo, o kang o mong wa metse ya moreneng, le hobane o ne o feta Ai ka boholo, le banna bohle ba teng e ne e le dinatla.

See the chapter Copy




Joshua 10:2
16 Cross References  

Joabe a futuhela Raba, motse wa Baamone wa bokgosi, mme a o hapa.


Se tshajwang ke ya kgopo se tla mo wela hodimo, empa takatso ya ya lokileng e tla phethahatswa.


Ha ho motho ya tla tseba ho ema kapele ho lona. Hohle moo le tla tsamaya teng, Morena Modimo wa lona, o tla etsa hore ba le tshabe, ba phakgasele jwalokaha a le tshepisitse.


Ho tloha kajeno ke tla etsa hore ditjhaba tsohle tse katlasa lehodimo di be le letswalo, di le tshabe. Bohle ba tla thothomela, ba phakgasele kapele ho lona, ha ba utlwa lebitso la lona.”


Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla elellwa hore o bitswa ka lebitso la Morena, mme di tla o tshaba.


ho tla sala tebello e tshabehang ya kahlolo, le kgabo ya mollo e tla timetsa bahanyetsi.


Ke ntho e tshabehang ho wela diatleng tsa Modimo ya phelang.


Ba re ho Joshua: “Ruri Morena o re neile naha eo yohle; ho feta mona, baahi bohle ba yona ba tshositswe haholo ke ho utlwa hore re a tla.”


Ba araba Joshua, ba re: “Bahlanka ba hao ba ile ba bolellwa kamoo Morena Modimo wa lona, a ileng a laela Moshe, mohlanka wa hae, hore a le nee naha ena yohle, mme le bolaye baahi ba yona ba kapele ho lona. Ka baka leo, re ile ra tshaba hore le tla re bolaya, mme ke ka hona re entseng hona.


Empa ha baahi ba Gibeone ba utlwa seo Joshua a se entseng Jeriko, le Ai,


Davida a re ho Akishe: “Haeba o nkgauhetse, ako mphe setsha ho o mong wa metse ya hao, ke ahe teng, hobane mohlanka wa hao a ke ke a aha le wena motseng wa kgosi.”


Follow us:

Advertisements


Advertisements