Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 1:4 - BIBELE

4 Moedi wa lona o tla tloha lehwatateng, o yo fihla Lebanone, o tlohe Nokeng e Kgolo, e leng noka ya Euferatese, o yo fihla Lewatleng le Leholo, ka bophirimela, o akaretse naha yohle ya Behete.

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 ho tloha lefeelleng le Lebanone ho isa nokeng e kgolo, noka ya Eufrate, fatshe lohle la Bahethe, le ho ya fihla Lewatleng le Leholo, ka nqa bophirimatsatsi; ke yona naha ya lona.

See the chapter Copy




Joshua 1:4
12 Cross References  

Kariki ya ntwa e ne e rekwa Egepta ka silefera e ka etsang boima ba dikilo tse supileng, pere yona e le kilo le halofo. Bahwebi ba ne ba di rekisetsa dikgosi tsa Bahete le dikgosi tsa Baarame.


Solomone a busa mebuso yohle, ho tloha nokeng ya Euferatese, ho ya fihla naheng ya Bafilesita, le meeding ya Egepeta. Mebuso ena yohle ya mo tlisetsa dimpho, ya mo sebeletsa ka nako yohle ya ho phela ha hae.


Ha Hadade-Esere, kgosi ya Soba, a ne a ilo hloma puso ya hae pela noka ya Euferatese, Davida a mo hlola Hamate.


Ka botjhabela ba aha ho tloha qetheng ya lehwatata le ilo fihla nokeng ya Euferatese, hobane mehlape ya bona e ne e ile ya ata ha ba le Gileade.


Ho kile ha eba le dikgosi tse matla, tse ileng tsa busa Jerusalema le naha yohle e ka bophirimela ho noka ya Euferatese. Di ne di ntshetswa lekgetho, le sethabathaba, le lekgetho la thepa.


“Ke tla seha meedi ya hao ho tloha Lewatleng la Lehlaka, ho isa Lewatleng la Bafilesita, le ho tloha lehwatateng ho ya fihla Nokeng. Ke tla etsa hore o hlole baahi ba naha eo, mme o tla ba leleka kapele ho wena.


Tlohang mona, le tswele pele leetong la lona, le ye naheng e maralla ya Baamore, le dibakeng tse e potapotileng, phuleng, le maralleng, le dibakeng tse weleng, ka borwa, pela lebopo la lewatle, naheng ya Bakanana; le Lebanone, ho ya fihla nokeng e kgolo ya Euferatese.


Sebaka se seng le se seng seo le tla tsamaya ho sona, e tla ba sa lona. Meedi ya lona e tla tloha lehwatateng, le Lebanone, le ho tloha Nokeng, e leng noka ya Euferatese, ho ya fihla lewatleng le ka bophirimela.


“ ‘Ako ntumelle ke tshelele mose, ke bone naha e ntle, e kamose wane ho Jorodane, le naha ena e ntle ya maralla, le Lebanone.’


La bolella lengeloi la botshelela le tshwereng terompeta, la re: “Lokolla mangeloi a mane a holehilweng nokeng e kgolo ya Euferatese.”


Follow us:

Advertisements


Advertisements