Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 1:2 - BIBELE

2 “Moshe, mohlanka wa ka, o shwele. Ka baka leo, tsamaya, o tshele noka ena ya Jorodane, wena le setjhaba sena sohle sa Iseraele, le tshelele naheng eo ke le neang yona.

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Moshe, mohlanka wa ka, o timetse; tsoha jwale, o tshele Jordane ena, wena le setjhaba sena kaofela, mme o kene lefatsheng leo ke le neileng bana ba Iseraele.

See the chapter Copy




Joshua 1:2
13 Cross References  

Naha eo o jakileng ho yona, naha yohle ya Kanana, ke tla o nea yona le ditloholo tsa hao, e be leruo la mehla yohle, mme ke tla ba Modimo wa tsona.”


Wa anafatsa bana ba bona sa naledi tsa lehodimo, wa ba fihlisa naheng e tshepisitsweng bo-ntata bona, hore ba kene ho yona, ba ikgapele yona.


Jwale Morena a re ho Satane: “Na o kile wa bona Jobo, mohlanka wa ka? Ha ho ya kang yena lefatsheng! Ke monna ya lokileng, ya hlokang kodi, ya tshabang Modimo, ya kgesang bobe.”


“Bonang, Mohlanka wa ka eo ke mo kgethileng, ke eo, mokgethwa wa ka ya nkgahlang; ke theoletse Moya wa ka, ka o theolela hodima hae, o tla tlisetsa ditjhaba toka.


Ho mohlanka wa ka Moshe ha ho jwalo; ka tlung ya ka yohle o a tshepahala.


Empa laela Joshua, o mo matlafatse, o be o mo kgothatse, hobane yena o tla tshela a eteletse setjhaba sena pele, mme a etse hore naha eo o tla e bona e be ya sona.’


Moshe a bitsa Joshua, mme moo Baiseraele bohle ba ntseng ba bona, a re ho yena: “Tsoha molota, o be sebete, hobane ke wena ya tla tsamaya le setjhaba sena, ho ya kena naheng eo Morena a neng a hlapanyetse bo-ntata sona, hore o tla se nea yona. Wena o tla etsa hore se e je lefa.


Yaba Moshe mohlanka wa Morena, o shwella naheng eo ya Moabe, jwalokaha Morena a ne a boletse.


Hoba Moshe, mohlanka wa Morena, a shwe, Morena a bua ho Joshua, mora wa Nune, lehlahana la Moshe, a re:


“Tsamayang hara diahelo, le laele setjhaba, le re: ‘Ipheheleng mofao, hobane kamora matsatsi a mararo le tla tshela noka ena ya Jorodane, ho ya hapa naha eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona hore e be ya lona.’ ”


Follow us:

Advertisements


Advertisements