Ruthe 3:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)7 Eitse hobane Boase a je, a nwe, pelo ya hae e thabile, a ya robala qetellong ya setha sa harese. Ruthe a tla a nanya, a apola maoto a Boase, mme a robala. See the chapterBIBELE7 Ha Boase a se a jele, a nwele, mme a thabile, a ya ithoballa pela setha sa harese. Ruthe a ya ho yena ka lenyele, a kwaholla maoto a hae, a botha pela wona. See the chapter |
Yaba monna o a ema, a re o a tsamaya, e le yena le serethe sa hae, le mohlanka wa hae; empa mohwehadi wa hae, ntata morwetsana, a re ho yena: Bona, letsatsi le se le ile; ho se ho tla phirima; robalang kwano le bosiu bona; bona, letsatsi le a dikela, robala kwano bosiu bona, mme pelo ya hao e ke e thabe. Hosasane, le tla tsohela leeto la lona e sa le ka meso, o ikele ha eno.