5 Ruthe a re ho yena: Ke tla etsa kahohle kamoo o mpolellang kateng.
5 Ruthe a re ho matsalae: “Ke tla etsa tsohle tseo o reng ke di etse.”
Bana, utlwang batswadi ba lona Moreneng; hobane ke ntho e lokileng.
Bana, utlwang batswadi ba lona nthong tsohle; hobane ke taba e kgahlisang Morena.
Ha a ya robala, o tsebe moo a robalang; jwale o ye, o apole maoto a hae, o robale fatshe teng; o tla o bolella seo o tla se etsa.
Ebile o theohela seotlong, a etsa kahohle kamoo matsalae a mo laetseng kateng.