Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Ruthe 1:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Bao ba nyala basadi ba Moabe, lebitso la e mong e le Orpa, lebitso la wa bobedi e le Ruthe. Ba dula teng ya batla ho ba dilemo tse leshome.

See the chapter Copy

BIBELE

4 Bara bao ba nyala barwetsana ba morabe wa Moabe; lebitso la e mong e ne e le Orepa, la e mong e le Ruthe, mme ba phela moo dilemo tse ka bang leshome.

See the chapter Copy




Ruthe 1:4
7 Cross References  

Mehleng eo hape, ka bona hobane Bajuda ba bang ba nyetse basadi ba Baashdode, ba Baammone, le ba Bamoabe.


Salmone a tswala Boase, ka Rahaba; Boase a tswala Obede, ka Ruthe; Obede a tswala Jese;


Moammone le Momoabe ba ke ke ba kena phuthehong ya Jehova; esita le ditlohotloholwana tsa bona tsa leloko la leshome di ke ke tsa kena phuthehong ya Jehova, le ka mohla o le mong;


O se ke wa nyallana le bona; o se ke wa nea bara ba bona baradi ba hao, mme o se ke wa nkela bara ba hao baradi ba bona;


Yaba Elimeleke, monna wa Naomi, o a shwa, ha sala mosadi le bara ba hae ba babedi.


Le bona Mahalone le Kilione ba eshwa ba babedi, ha sala mosadi eo ya shwetsweng ke bara ba hae ba babedi le monna wa hae.


Follow us:

Advertisements


Advertisements