Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Nehemia 8:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ka tsatsi le qalang kgwedi ya bosupa, Esdrase, moprista, a tlisa molao pela phutheho ya banna le basadi le bohle ba ka bang le kelello ya ho utlwisisa;

See the chapter Copy

BIBELE

2 Ka letsatsi la pele la kgwedi ya bosupa, moprista Esera a tlisa Molao kapele ho setjhaba sa banna, le basadi, le bohle ba nang le kutlwisiso.

See the chapter Copy




Nehemia 8:2
14 Cross References  

ba ikopanya le banababo bona, mahosana, mme ba kena le bona hlapanyong le kanong, ba re, ba tla tsamaya molaong wa Modimo oo ba o neilweng ka Moshe, mohlanka wa Modimo, mme ba tla boloka ditaelo tsohle tsa Jehova, Morena wa rona, le dikahlolo tsa hae, le melao ya hae, mme ba tla ya ka tsona;


Motsotsong oo, ha balwa bukeng ya Moshe, setjhaba se mametse; ha fumanwa ho ngodilwe hore Moammone le Momoabe ba ke ke ba kena phuthehong ya Modimo le ka mohla o le mong;


Ha nna ha balwa bukeng ya molao wa Modimo ka tsatsi le leng le le leng, ho qala ka tsatsi la pele, ho isa ho la ho qetella. Ba etsa mokete ka tshiu tse supileng, mme ka la boroba meno e le mmedi ha etswa phutheho e kgolo haholo, kamoo taelo e neng e le kateng.


Yaba Nehemia mmusisi, ba ena le Esdrase, moprista le mongodi, le Balevi ba rutang setjhaba, ba re ho setjhaba kaofela: Tsatsi lena ke le kgethetsweng Jehova, Modimo wa lona; le se ke la dula bofifing, mme le se ke la lla — etswe setjhaba kaofela se ne se lla ha se utlwa mantswe a molao.


Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi eo, bana ba Iseraele ba phuthehela ho itima dijo, ba apere masela a mahwashe, ba ithuntsheditse dihlooho ka lerole.


O tla ruta mang bohlale, o tla utlwisa mang thuto? Hleka ke bana ba tswa kgweswa, kapa ba tlositsweng letsweleng?


Bolella bana ba Iseraele, o re: Ka kgwedi ya bosupa, ka letsatsi le qalang kgwedi, letsatsi la phomolo le tla ba teng, leo le tla le tsebiswa ka moletso wa diterompeta, mme phutheho e halalelang e tla ba teng.


Hobane melomo ya moprista e tshwanetse ho boloka tsebo, molao o tle o batlwe molomong wa hae, hobane ke lenqosa la Jehova wa makgotla.


Ka kgwedi ya bosupa, ka tsatsi la pele la kgwedi, le tla ba le phutheho e kgethehileng; le ke ke la etsa mosebetsi le o mong ka lona. E tla ba letsatsi la ho letsa diterompeta haholo.


Hobane haele Moshe, haesale le mehleng ya kgale, o na le ba mmolelang metseng yohle, mme o balwa masinagogeng ka matsatsi wohle a Sabatha.


Etlare hobane a dule setulong sa borena ba hae, a ingolle buka ya molao oo, a nke ditaba bukeng e leng ho baprista ba Balevi.


Ha ho a ka ha eba taba le e nngwe ya tseo Moshe a di laetseng, eo Joshua a sa kang a e bala pela phutheho yohle ya Iseraele, ho bile ho na le basadi, le bana ba banyenyane, le baditjhaba ba tsamayang le bona.


Follow us:

Advertisements


Advertisements