Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Nehemia 7:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 ka re ho bona: Menyako ya Jerusalema e se ke ya bulwa haese ha letsatsi le se le futhumetse; ha lona le sa ntsane le eme teng, ho ke ho kwalwe menyako, mme e tiiswe ka mekwallo; ba ahileng Jerusalema le ba etse balebedi, e mong le e mong sehlopheng sa hae, e mong le e mong maloka le ntlo ya hae.

See the chapter Copy

BIBELE

3 Yaba ke re ho bona: “Menyako ya Jerusalema e se ke ya ba ya bulwa ho fihlela ha letsatsi le eba hloohong tsa mengala. Ha balebedi ba ntse ba le mosebetsing, menyako ya motse e kwalwe, ho be ho bewe mekwallo. Hara baahi ba Jerusalema le kgethe balebedi; ba bang ba lebele dibaka tse itseng, ba bang ba lebele kapele ho matlo a bona.”

See the chapter Copy




Nehemia 7:3
8 Cross References  

Jwale, eitse ha menyako ya Jerusalema e apeswa ke meriti, ha Sabatha e se e tla qala, ka laela hore menyako e kwalwe; ka laela hape hore e se ke ya boela ya bulwa, haese ha Sabatha e se e fetile; ka bea bahlanka ba bang ba ka menyakong, hore ho se kene phahlo le e nngwe ka tsatsi la Sabatha.


Kapele ho bao, ha lokisa Benjamine le Hashube, maloka le ntlo ya bona. Kapele ho bona, ha lokisa Asaria, mora Maaseia, mora Anania, maloka le ntlo ya hae.


Ka bea Hanani ngwaneso, le Hanania, molaodi wa qhobosheane, hore ba lebele Jerusalema; hobane e ne e le monna wa sebele, ya tshabang Modimo ho feta,


Hobane motse o ne o le batsi, o le moholo, empa setjhaba sa teng se ne se se sekae, le wona matlo a ne a eso ho hahuwe.


Ekare haese Jehova ya hahang ntlo, ba e hahang ba sebeletsa lefeela; ekare haese Jehova ya bolokang motse, molebedi o fadimehela lefeela.


Hobane o tiisa mekwallo ya menyako ya hao, o hlohonolofatsa bara ba hao kahare ho wena.


Bonang, ke le roma le le jwaloka dinku hara diphiri; ka baka leo, le be bohlale jwaloka dinoha, mme le be ba se nang mano jwaloka maebanakgorwana.


Follow us:

Advertisements


Advertisements