Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Nehemia 3:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Mabapa le bona, ha lokisa Ussiele, mora Harhaia, setei sa kgauta; mabapa le yena, ha lokisa Hanania, e mong wa baetsi ba dinoko. Ba lokisa lerako la Jerusalema jwalo, ho isa lerakong le sephara.

See the chapter Copy

BIBELE

8 Usiele, mora wa Harahaya, eo e neng e le e mong wa malala a kgauta, a tsosa lerako a bapile le bo-Melatiya. Hananiya, e mong wa ba etsang ditlolo tse monko o monate, a bapa le Usiele, ba tsosa lerako la Jerusalema ho ya fihla Lerakong le Phatlaletseng.

See the chapter Copy




Nehemia 3:8
6 Cross References  

Josefa a laela dingaka tse mo sebeletsang hore di noke ntatae; mme dingaka tsa noka Iseraele.


Sehlopha sa bobedi se binang sa tsamaya se ile ho teana le sa pele, ke se setse morao ke ena le karolo e nngwe ya setjhaba; ra tsamaya hodima lerako le okametseng tora ya Dibopi ho isa lerakong le sephara;


Ka tseo, o tla etsa ole ya setlolo e kgethehileng, tswako e monko o monate, e entsweng ka mokgwa wa motswaki wa tse nkgang hamonate. E tla ba ole ya setlolo e kgethehileng.


Dintsintsi tse shweleng di nkgisa le ho bodisa ole ya motlotsi; ho jwalo le bothoto bo bonyenyane, bo senya botumo ba ya tumileng ka bohlale le kganya.


Ba ntsha kgauta mekotleng ya bona, ba lekanya silefera ka sekala, ba ipatlela setei, ba se putsa hore ka tseo se ba etsetse modimo, ba tle ba kgumame pela wona, ba o rapele.


Follow us:

Advertisements


Advertisements