Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Mikea 7:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Eo e leng sera ho nna a ke a tadime, a apeswe ke dihlong, yena ya reng ho nna: Jehova, Modimo wa hao, o kae na? Mahlo a ka a tla kgolwa ke kotsi ya hae; jwale, o tla hatakelwa jwaloka seretse sa mmila!

See the chapter Copy

BIBELE

10 Ke moo dira tsa ka di tla bona, di bone, di aparelwe ke dihlong, tsona dira tse neng di bua ho nna, di re: “O kae Morena Modimo wa hao?” Ke tla bona ha di hatakelwa ka maoto, di hatakelwa sa qhafutso diterateng.

See the chapter Copy




Mikea 7:10
42 Cross References  

Moo, ka ba silakanya jwaloka lerole la lefatshe; ka ba hatakela, ka ba fiela jwaloka diretse tsa tsela.


Bahanyetsi ba ka ba tla apeswa ka dihlong, mme kgoboho ya bona e ba kgathumetse jwaloka kobo.


Ke kang ha ditjhaba di tla re: Na jwale Modimo wa bona o kae?


Ka ba silakanya jwaloka lerole le nkwang ke moya, ka ba fiela jwaloka diretse tsa tsela.


A ba ke ba hlabiswe ke dihlong, ba tsielehe bona bohle ba thabelang tsietsi ya ka! Baikakasi ba ntwantshang a ba apeswe ke dihlong le nyediso!


Masapo a ka a robeha, ha bao e leng dira ho nna ba ntlaka, ba ntse ba re ho nna ka matsatsi wohle: O kae na Modimo wa hao?


Meokgo ya ka ke sejo sa ka motshehare le bosiu, haesale ba ntse ba re ho nna: O kae na Modimo wa hao?


Ke moo ya lokileng a tlang ho thaba, ha a bona phetetso; o tla hlatswa maoto a hae mading a molotsana;


Ke ka baka lang ha ditjhaba di ka re: Modimo wa bona o kae? Phetetso ya madi a bahlanka ba hao a tsholohileng a e ke e bonahale ditjhabeng pontsheng ya rona!


Ba lokileng ba mela jwaloka sefate sa palema, ba hola jwaloka kedare ya Lebanone.


Jehova, letsoho la hao le matla, empa ha ba ka ba le lemoha; ba tla bona tjheseho ya hao eo o tjhesehetseng tjhaba sa hao ka yona, mme ba tla swaba, mollo o tjhese bao e leng dira ho wena.


Ke mo tsositse leboya, mme o a tla; o tswa botjhabela, ya rapelang lebitso la ka; o hatakela marena, jwaloka seretse, ka mokgwa wa mmopi wa dipitsa ha a kgoba letsopa.


Hobane bona, ke ya o etsa e monyenyane hara ditjhaba, le ya nyediswang hara batho.


Empa ke tla busetsa ho Babilona le ho baahi kaofela ba Kalde bobe bohle ba bona, boo ba ileng ba bo etsa Sione pela mahlo a lona, ho bolela Jehova.


Re hlabisitswe dihlong, hobane re utlwile nyediso; nyatso e apesitse difahleho tsa rona, hobane baditjhaba ba kene dinqalong tse halalelang tsa ntlo ya Jehova.


Ba ikgahlola ka seaparo se mahwashe, qhaqhaselo e ba apesitse; dihlong di teng difahlehong tsohle, dihlooho tsohle tsa bona ke tse mafatla.


Jwale he, ka nako eo le utlwang modumo wa terompeta, le phala, le harepa, le sambuke, le pesalterione, le simfonia, le diletsa kaofela, ha le kgumama, le rapela setshwantsho seo ke se entseng, ke hantle; empa ha le sa kgumame, le tla akgelwa hanghang seboping sa mollo o bohale; mme modimo ke ofe o tlang ho le lokolla letsohong la ka?


Mahareng a mathule le aletare, ha ho lle baprista, bahlanka ba Jehova, ba ke ba re: Oho Jehova, qenehela setjhaba sa hao, o se ke wa neela lefa la hao ho hlomphollwa, ba tle ba songwe ke baditjhaba! Na o re, ho bolelwe hara ditjhaba, ho thwe: Modimo wa bona o kae?


Ka baka la bolotsana boo o bo entseng ho ngwaneno Jakobo, o tla apeswa ka dihlong, o timeletswe ruri, ho isa ka ho sa yeng kae.


Se kgahlwe ke letsatsi la ngwaneno, ke letsatsi la tsietsi ya hae; se thabele ho fela ha bara ba Juda ka letsatsi la ho fela ha bona; se ahlamise molomo wa hao ka boikgohomoso ka letsatsi la tsietsi.


Mme jwale, ditjhaba tse ngata di o bokanetse, di re: A a hlomphollwe, mahlo a rona a tle a bone kotsi ya Sione!


O se ke wa thaba ka kotsi ya ka, wena o leng sera ho nna, hobane leha ke wele, ke tla boela ke eme; leha ke dutse lefifing, Jehova ho nna ke lesedi.


Jehova o tlositse dikahlolo tsa hao, o fietse eo e leng sera ho wena; morena wa Iseraele, Jehova, o kahare ho wena: ha o sa tla hlola o bona bobe.


Ba ntlo ya Juda ba tla ba jwaloka bahale ba hatakelang dira seretseng sa mmila ntweng; ba tla lwana, hobane Jehova o na le bona, mme ba kaletseng dipere ba tla swaba.


Mahlo a lona a tla ho bona, mme le tla re: Jehova o moholo hodima naha ya Iseraele?


Le tla hatakela ba bolotsana, hobane ba tla ba jwaloka molora katlasa bohato ba maoto a lona, tsatsing le tla etswa ke nna, ho bolela Jehova wa makgotla.


O tshepile Modimo; a o mo lwele jwale, ha o mo rata; hobane o itse: Ke Mora Modimo.


Hobane Bakanana le bohle ba ahileng lefatsheng ba tla utlwa, ba tla re teela hare, hore ba hlakole lebitso la rona lefatsheng. Mme ha ho ka ba jwalo, o tla etsang ka lebitso la hao le leholo?


Nyakallang ka baka la wona, wena lehodimo, le lona bahalaledi, baapostola, le baporofeta, hobane Modimo o tiisitse kahlolo eo le o ahlotseng ka yona!


Follow us:

Advertisements


Advertisements