Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Mikea 3:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 lona le hloyang botle, le ratang bobe, le buhang batho letlalo, le be le ba tlose le nama hodima masapo a bona? ...

See the chapter Copy

BIBELE

2 Le hloile botle, le rata bokgopo, le thwebola setjhaba sa ka, le se thwebola letlalo, le se tswebolotse dinama masapong;

See the chapter Copy




Mikea 3:2
32 Cross References  

Akabe a re ho Elia: Hleka o mphumane, wena o leng sera ho nna na? Elia a re: Ke o fumane, hobane o ineetse ho etsa ho leng hobe mahlong a Jehova.


Jehu, mora Hanani, seboni, a ya mo kgahlanyetsa, a re ho morena Josafate: Na ke tshwanelo hore o thuse e mobe, mme o rate ba hloileng Jehova na? Jehova o o halefetse ka baka la tseo.


Mahlong a hae motho ya nyatsehang ke ya kgopo, empa o hlonepha batho ba tshabang Jehova. Leha a hlapantse, a ke ke a kweneha, leha e ka ba tshenyehelo ho yena;


Na bakgopo bao kaofela ba hloka tsebo keng? Ba ja setjhaba sa ka, jwaloka ha ho jewa bohobe. Ha ba rapele Modimo.


Ba sa reng letho ka molao ba rorisa ba babe; empa ba o bolokang ba ba lwantsha.


Le reng ha le hlorisa setjhaba sa ka, leha le pitla difahleho tsa basenyehi? ho botsa Morena, Jehova wa makgotla.


Ho madimabe ba bitsang bobe botle, le botle ba bo bitsa bobe; ba etsang lefifi lesedi, le lesedi ba le etsa lefifi; ba etsang ho baba monate, le monate ba o etsa ho baba!


Ke tla hlahisa ho loka ha hao leseding, mesebetsi ya hao o ke ke wa rua letho ka yona.


Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Babolauwa ba lona bao le ba rapaladitseng hara motse, ke bona bao e leng dinama, mme motse ke pitsa; haele lona, le tla ntshwa ho wona.


Marena a yona hara yona e ka diphiri tse harolang thusolelo; a tsholla madi, a timetsa meya ya batho hore a totise maruo a wona.


O tle o kgabele disuma tsa nama ho yona, e leng dikoto tsohle tse monate, serope le letsoho; e tlatse masapo a moko.


Le ja mafura, le ikapesa ka boya; le hlaba tse nonneng, empa ha le dise mohlape.


Utlwang lentswe lena, lona dithole tsa Bashane tse thabeng ya Samaria, lona le hlorisang ba banyenyane, le tshwenyang mafutsana, le reng ho banna ba lona: Tlisang, re nwe!


Hloyang ho hobe, le rate ho hotle, le tiise se lokileng kgotla; mohla ope, Jehova, Modimo wa makgotla, a ka hauhela masala a Josefa.


Athe le moaba, setjhaba sa ka se ipeile sera. Le hlobodisa batho kobo eo ba e aparetseng hodima e nngwe, ha ba iphetela ka kgotso, ba sa hopole ntwa.


Motho ya bokgabane o timetse lefatsheng, ha ho sa le ya lokileng hara batho. Bohle ba lalla hore ba tsholle madi, e mong le e mong o tsoma ngwanabo ka leraba.


Ba kena ka matsoho a mabedi bobeng, hore ba bo phethe: morena o a qela, moahlodi o ahlolela moputso, e moholo yena o bolela takatso e mpe ya moya wa hae; hammoho ba sothanya ditaba.


Marena a wona ke ditau tse rorang hara wona; baahlodi ba wona ke diphiri tsa phirimana tse sa bolokeleng hosasane letho. Baporofeta ba wona ke baithorisi, banna ba bohata;


Empa batho ba motse wa hae ba ne ba mo hloile; ba roma manqosa mehlaleng ya hae, a reng: Ha re rate ha enwa a re busa.


Ba boela ba howa bohle, ba re: E seng yena; e mpe e be Barabase. Athe Barabase e ne e le sesenyi.


Lefatshe le ke ke la le hloya; empa nna, le ntlhoile, hobane ke ntse ke le pakela hore mesebetsi ya lona e mebe.


Mme leha ba tsebile kahlolo ya Modimo, e reng ba etsang tse jwalo ba tshwanetse ho shwa, ho di etsa ba di etsa, ba bile ba emela ba di etsang le hona.


Lerato a le ke le hloke boikaketso. Hloyang ho hobe, le kgomarele ho molemo.


e tla ba ba se nang lerato la hlaho, leha e le ho tshepeha, ba etselletsang ba bang, ba sa tsebeng ho itshwara, ba sehloho, ba hloyang ba molemo;


Follow us:

Advertisements


Advertisements