o re: Morena Jehova o re: Ke motse o tshollang madi kahara wona, hore nako ya wona e tle e fihle, mme o iketsetsa ditshwantsho ho itshilafatsa ka tsona.
Motho ya bokgabane o timetse lefatsheng, ha ho sa le ya lokileng hara batho. Bohle ba lalla hore ba tsholle madi, e mong le e mong o tsoma ngwanabo ka leraba.
Marena a wona ke ditau tse rorang hara wona; baahlodi ba wona ke diphiri tsa phirimana tse sa bolokeleng hosasane letho. Baporofeta ba wona ke baithorisi, banna ba bohata;