Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Mikea 2:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Tsohang, le tsamaye! hobane mona hase moo le ka phomolang teng ka baka la ditshila tse hlahisang tshenyeho, tshenyeho e tshabehang.

See the chapter Copy

BIBELE

10 Emang, le tsamaye, le tlohe mona! Baka sena hase sa lona sa ho phomola, ka baka la hobane se silafetse, se senyehile, se ke ke sa hlola se loka.

See the chapter Copy




Mikea 2:10
20 Cross References  

teng ke tla kumola Baiseraele naheng eo ke ba neileng yona, le ntlo eo ke e kgethetseng lebitso la ka ke tla e lahlela hole le nna, mme Iseraele e tla ba tshomo le sesomo ditjhabeng tsohle.


Tsiung tsa Peka, morena wa Iseraele, ha tla Tiglathe-Pilesere, morena wa Assiria, a nka Ijone, le Abele-Bethe-Maaka, le Janowa, le Kedeshe, le Hatsore, le Gileade, le Galelea, e leng naha yohle ya Nefthali, a isa batho ba teng Assiria kgolehong.


Ka selemo sa boroba mono o le mong sa Osea, morena wa Assiria a kena Samaria, a isa Baiseraele kgolehong Assiria, a ba bea Hala, le Habore, le pela noka ya Gosane, le metseng ya Bamede.


ke tla le kumola naheng ya ka eo ke le neileng yona; le ntlo ena, eo ke e kgethetseng lebitso la ka ke tla e lahla, ke e etse tshomo le sesomo ditjhabeng tsohle:


ba tsholla madi a se nang molato, madi a bara ba bona le a baradi ba bona, bao ba ba hlabetseng ditshwantsho tsa Kanana; mme naha ya silafala ke madi.


Ke moo ke hlapantseng bohaleng ba ka, ka re: Ba ke ke ba ba ba kena phomolong ya ka!


Hobane ho itswe ke Jehova: Bonang, ke ya betsa baahi ba lefatshe ka letjeketjane, ke ya ba patisa, ba tle ba tshwarwe.


Emisetsa mahlo a hao marallaneng, o tadime; ke ha e le kae moo o sa kang wa feba teng na? O ne o ntse o ba duletse ditseleng jwaloka Moarabe ya lefeelleng, mme wa silafatsa lefatshe ka bootswa ba hao le ka bolotsana ba hao.


Hobane lentswe la pokollo le utlwahala Sione, le re: Jo nna! Re hlile re sentswe! Hase le ho hlabiswa dihlong, hobane re tlohela lefatshe, mehaho ya rona e heleditswe.


Mora motho, ba ntlo ya Iseraele ha ba ne ba sa ahile naheng ya bona, ba ne ba e silafatsa ka mekgwa le ka diketso tsa bona; kamoo ditshila tsa mosadi di leng kateng, ho se hlwekeng ha hae, mekgwa ya bona e ne e le jwalo pela ka.


Ka ba ka ba qhalanyetsa ditjhabeng, ba hasanngwa mafatsheng wohle; ka ba ahlola ka mekgwa ya bona le ka diketso tsa bona.


Hobane le jwale ha le eso ho kene phomolong le lefeng leo Jehova, Modimo wa hao, a o fang lona.


ke a le bolella kajeno hore le tla timela ruri, mme le ke ke la ngatafatsa matsatsi a lona lefatsheng leo o tla kena ho lona ho ya le rua, ka ho tshela Jordane.


kajeno ke le biletsa lehodimo le lefatshe hore e be dipaki tsa hore le tla timela, le timele kapele lefatsheng leo le tla kena ho lona ka ho tshela Jordane, ho ya le rua. Le ke ke la atisa ditshiu tsa lona teng, empa le tla timeletswa ruri.


Follow us:

Advertisements


Advertisements