Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Mattheu 9:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Jesu ha a bona mehopolo ya bona, a re: Le hopolelang bobe ka dipelong tsa lona?

See the chapter Copy

BIBELE

4 Jesu, ka ho tseba mehopolo ya bona, a re: “Le hopolelang bobe ka dipelong tsa lona?

See the chapter Copy

Baasraak Sotho NT

4 Jesu a tseba mehopolo ya bona, a re: Le hopolelang bobe ka dipelong tsa lona?

See the chapter Copy

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Jesu a tseba mehopolo ya bona, a re: Le hopolelang bobe ka dipelong tsa lona?

See the chapter Copy




Mattheu 9:4
24 Cross References  

O tseba ha ke dula, leha ke tsoha; o tseba mohopolo wa ka, o le hole.


na Modimo o ka be o sa ka wa tseba na? Athe o tseba makunutu a dipelo.


Morena Jehova o re: Tsatsing leo, mehopolo e tla nyoloha pelong ya hao, o tla qapa morero o mobe,


Athe Jesu a tseba mehopolo ya bona, mme a re ho bona: Mmuso o mong le o mong o kgaohaneng ho itwantsha o tla fetoha lesupi; le motse o mong le o mong, leha e le ntlo e kgaohaneng ho itwantsha, e ke ke ya tiya.


Empa yena, ka ho lemoha boikaketsi ba bona, a re ho bona: Le ntekelang na? Ntlisetseng denare, ke e bone.


Jesu a lemoha kapele, ka moya wa hae, hobane ba hopotse jwalo ka ho bona, mme a re ho bona: Le hopolelang jwalo ka dipelong tsa lona?


Empa Jesu a tseba mehopolo ya bona, mme a re ho bona: Mmuso o mong le o mong o arohaneng ho itwantsha, o tla fetoha lesupi; mme ntlo e nngwe le e nngwe e arohaneng ho itwantsha, e tla wa.


Yare ha Jesu a lemoha mehopolo ya bona, a araba, a re ho bona: Le hopolelang jwalo ka dipelong tsa lona?


Empa o ne a tseba mehopolo ya bona, a ba a re ho motho ya letsoho le omeletseng: Tsoha, o eme hare. Yaba o tsoha, a ema.


Jesu a mo araba, a re ho yena: Simone, ke na le seo ke o bolellang sona. A re: Bua, moruti.


Jesu a tseba hobane ba rata ho mmotsa, a ba a re ho bona: Le botsana seo ke tswa se bolela, ha ke itse: Ho se ho se hokae, mme ha le ka ke la mpona; hape, ho se ho se hokae, mme le tla boela le mpone.


Jwale, re a lemoha hobane o tseba tsohle, mme ha o a tshwanelwa ke ho botswa letho ke motho; ke ka baka leo re dumelang hobane o tswa ho Modimo.


A ba a re ho yena la boraro: Simone, mora Jona, a o a nthata na? Petrose a swaba ke hobane a bile a mmotsa la boraro, a re: A o a nthata na? A re ho yena: Morena, o tseba tsohle; o tseba hoba ke a o rata. Jesu a re ho yena: Alosa dinku tsa ka.


Yare ha Jesu a tseba ka ho yena hobane barutuwa ba hae ba seba ka taba eo, a re ho bona: Na hoo ho a le kgopisa na?


Empa ba bang ba teng ho lona ba sa dumeleng. Hobane Jesu o ne a tseba, esale ho qaleng, ba sa dumeleng le ya tlang ho mo eka.


Petrose a re ho yena: Le dumellane jwang ho leka Moya wa Morena na? Bona, maoto a ba epetseng monna wa hao e se e le ao monyako, mme le wena ba se ba tla o nka.


Ke tla bolaya bana ba hae ka lefu; mme dikereke tsohle di tla tseba hobane ke nna ya lekolang matheka le dipelo; mme ke tla putsa e mong le e mong wa lona ka ho lekanang mesebetsi ya hae.


Follow us:

Advertisements


Advertisements