Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Mattheu 26:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Le a tseba hobane matsatsi a sa tla ba mabedi, e ntoo ba Paseka; mme Mora motho o tla neelwa ho thakgiswa sefapanong.

See the chapter Copy

BIBELE

2 “Le a tseba hore kamora matsatsi a mabedi e tla ba Paseka, mme Mora Motho o tla neelwa ho thakgiswa.”

See the chapter Copy

Baasraak Sotho NT

2 Le a tseba hore kamora matsatsi a mabedi ho tla ba le mokete wa Paseka, mme Mora Motho o tla neelwa ho thakgiswa sefapanong.

See the chapter Copy

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Le a tseba hore kamora matsatsi a mabedi ho tla ba le mokete wa Paseka, mme Mora Motho o tla neelwa ho thakgiswa sefapanong.

See the chapter Copy




Mattheu 26:2
17 Cross References  

O se ke wa hlahisa madi a sehlabelo sa ka a ena le bohobe bo lomositsweng, mme sehlabelo sa mokete wa Paseka se se ke sa hloha bosiu ho bolokelwa hosasane.


Simone, Mokanana, le Judase Iskariota, yena ya ekileng Jesu.


Ha ba sa ya le Galelea, Jesu a re ho bona: Mora motho o tla neelwa matsohong a batho.


a re: Ke sitilwe ha ke ekile madi a se nang molato. Ba re: E ka ba eng ho rona? Ho iponele wena teng.


A re ho bona: Ke lakaditse haholo ho ja Paseka ena le lona, ke eso ho utlwe bohloko.


Paseka ya Bajuda ha e se e le haufi, ba bangata ba nyolohela Jerusalema, e eso ho be Paseka, ba tle ba itlhwekise.


Eitse ha ho se ho tla feta matsatsi a tsheletseng, e ntoo ba Paseka, Jesu a fihla Bethania, moo Lasaro ya neng a shwele, a bileng a tsoswa ke yena, a neng a le teng.


Judase, ya mo ekang, le yena o ne a tseba nqalo eo; hobane Jesu o ne a phuthehetse teng hangata le barutuwa ba hae.


Ya eba hore polelo e boletsweng ke Jesu e etsahale, eo a lekantseng ka yona mofuta wa lefu leo a tla shwa ka lona.


Paseka ya Bajuda e ne e le haufi; yaba Jesu o nyolohela Jerusalema.


Follow us:

Advertisements


Advertisements