Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 9:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ba re ho yena: Bahlanka ba hao ba tswa naheng e holehole, ka baka la lebitso la Jehova, Modimo wa hao; etswe re utlwile botumo ba hae, le tsohle tseo a di entseng Egepeta;

See the chapter Copy

BIBELE

9 Ba mo araba, ba re: “Bahlanka ba hao ba tswa naheng e hole, ka baka la lebitso la Morena Modimo wa lona, hobane re utlwile botumo ba hae, le tsohle tseo a di entseng Egepeta.

See the chapter Copy




Joshua 9:9
21 Cross References  

Hape, moditjhaba, eo e seng wa setjhaba sa hao sa Iseraele, ya tswang lefatsheng le hole ka baka la lebitso la hao,


Balevi, Joshua, Kadmiele, Bani, Hashabnia, Sherebia, Hodia, Shebania, le Pethahia, ba re: Emang, le boke Jehova, Modimo wa lona, ka ho sa feleng le ka ho sa feleng! Ho bokwe lebitso la hao le kganyang, mme le phahamiswe ho feta dipoko tsohle le dithoko tsohle!


A ba ke ba rorise lebitso la Jehova, hobane lebitso la hae ke lona le nnotshi le phahamileng, bokgabane ba hae bo phahamile ho fetisa lefatshe le mahodimo.


Ho bokwe lebitso la hae le kganyang ka ho sa feleng; lefatshe lohle le ke le tlale kganya ya hae! Amen! e, amen!


O entse meeka mahlong a bontata bona naheng ya Egepeta, dithoteng tsa Tsowane.


Ba tle ba tsebe hore wena, eo lebitso la hao e leng Jehova, o rena o nnotshi lefatsheng lohle.


Ditjhaba ha di utlwa, di a thothomela, masisapelo a tshwere baahi ba Filisetia.


Empa ke o tloheletse hona hoo, ke bonahatse matla a ka ka wena, le hore lebitso la ka le tume lefatsheng lohle.


Bona, o tla ipiletsa setjhaba seo o sa se tsebeng, mme ditjhaba tse sa o tsebeng di tla mathela ho wena, ka baka la Jehova, Modimo wa hao, le ka baka la Mohalaledi wa Iseraele, ya o tlotlisang.


Ke tla bea pontsho ho bona, mme hara ba phonyohileng ke nke ba bang, ke ba romele ditjhabeng, Tarshishe, Pule le Lude, ho ba tjhehang seqha Tubale, le Javane, le dihlekehlekeng tse hole, tse esong ho utlwe taba tsa ka le ho bona kganya ya ka; mme ba tla tumisa kganya ya ka hara ditjhaba.


Ha o fedisa setjhaba sena jwalokaha eka ke motho a le mong, ditjhaba tse utlwileng botumo ba hao di tla re: Jehova o hlokile matla a ho isa batho bao fatsheng leo a neng a ba hlapanyeditse hore o tla ba nea lona; ke ka baka leo a ba bolaileng feelleng.


Moshe ha a le Kadeshe, a romela manqosa ho morena wa Edomo, a re ho yena: Ho itswe ke ngwaneno Iseraele: O tseba mahlomola wohle ao re bileng le wona.


Hobane meya e ditshila e ne e tloha ho ba bangata ba kenweng ke yona, e howa ka lentswe le leholo; le ba bangata ba neng ba omeletse ditho le diritsa ba fodiswa.


mme ekare ha batho ba motse ba o nea karabo ya kgotso, mme ba o bulela dikgoro tsa wona, batho bohle ba wona ba tla o ntshetsa lekgetho, ba o sebeletse.


Etsa jwalo ka metse yohle e hole haholo le wena, eo e seng metse ya ditjhaba tsena.


le tsohle tseo a di entseng ho marena a mabedi a Baamore, a mose wane wa Jordane, e leng Sihone, morena wa Heshbone, le Oge, morena wa Bashane, ya neng a le Ashtarothe.


Matsatsi ha a le mararo ba hlabile selekane le bona, ba utlwa hore ke ba ahisaneng le bona, le hore ba ahile haufi le bona.


Ebile bana ba Iseraele ba tloha, ba fihla metseng ya bona ka tsatsi la boraro; metse ya bona e ne e le Gibeone, le Kefira le Beerothe, le Kiryathe-Jearime.


Ba fetola Joshua, ba re: Ka baka la hobane bahlanka ba hao ba ne ba boleletswe haholo kamoo Jehova, Modimo wa hao, a laetseng mohlanka wa hae Moshe kateng, hore le neelwe lefatshe lohle, mme le timetse pela lona bohle ba ahileng lefatsheng lena; ke kahoo re tshabaneng haholo le bophelo ba rona, ka ho le tshaba, mme ra etsa jwalo.


Follow us:

Advertisements


Advertisements