Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 9:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Banna ba Iseraele ba re ho Baheve: Ekaba le ahile haufi le rona; re ka hlaba selekane jwang le lona?

See the chapter Copy

BIBELE

7 Banna ba Baiseraele ba re ho Bahife bana: “Mohlomong le ntse le phela haufi le rona. Jwale re ka etsa selekane le lona jwang?”

See the chapter Copy




Joshua 9:7
14 Cross References  

le Baheve, le Baarke, le Basine,


Yaba Sikeme, mora Hamore, Moheve, morena wa naha, a mmona, a mo nka, a robala le yena, a mo senya.


Ba ntoo fihla qhobosheaneng ya Tire, le metseng yohle ya Baheve le ya Bakanana. Ha ba tloha teng, ba leba nqa borwa ho Juda, ho ya fihla Beerseba.


Ha o mpa o mamedisisa lentswe la lona, o etsa tsohle tseo ke tla o bolella tsona, ke tla ba sera ho dira tsa hao, ke lwantshe ba o lwantshang.


Ke theohile ho ba namolela matsohong a Baegepeta, le ho ba ntsha naheng eo, ke ba ise naheng e ntle, e kgolo, naheng e kollang lebese le dinotshi, moo ho ahileng Bakanana, le Bahethe, le Baamore, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse.


O tle o iponele, esere mohlomong wa etsa selekane le ba ahileng fatsheng leo o tla fihla ho lona, ba tle ba se ke ba o fetohela leraba.


le tla lelekisa pela lona baahi bohle ba naha, le senye ditshwantsho tsohle tsa bona tsa majwe, le senye ditshwantsho tsohle tsa bona tse tsholotsweng, mme le senye dinqalo tsohle tsa bona tse diphahameng.


Empa haele metse ya ditjhaba tsena Jehova, Modimo wa hao, a o fang lefatshe la tsona ho le rua, o se ke wa lesa ntho e phefumolohang e phela;


Ha ho a ka ha eba motse o etsang kgotso le bana ba Iseraele, haese Baheve ba ahileng Gibeone; ba kena metse kaofela ka ntwa;


Ebile marena wohle a mose o kwano ho Jordane, a dihlabeng le mahwatateng, ho isa le mabopong wohle a Lewatle le Leholo, mabapa le Lebanone, marena a Bahethe, le a Baamore, le a Bakanana, le a Baferese, le a Baheve, le a Bajebuse, ha a utlwa taba tsena,


Ka re: Le lona le se ke la etsa selekane le ba ahileng fatseng lena, le mpe le heletse dialetare tsa bona. Empa ha le a ka la mamela lentswe la ka; le etseditseng jwalo?


Ke marena a mahlano a Bafilesta, le Bakanana kaofela, le Basidone, le Baheve ba ahileng thabeng ya Lebanone, ho tloha thabeng ya Baale-Hermone ho isa makgalong a Hamathe.


Follow us:

Advertisements


Advertisements