Ebile marena a mahlano a Baamore, morena wa Jerusalema, le morena wa Hebrone, le morena wa Jarmuthe, le morena wa Lakishe, le morena wa Eglone, a phutheha hammoho, a futuha, a ya ka makgotla wohle a wona, a emisa pela Gibeone, a mo lwantsha.
La tshela Jordane, la fihla Jeriko; beng ba Jeriko ba le lwantsha, ba ena le Baamore, le Baferese, le Bakanana, le Bagirgashe, le Baheve, le Bajebuse; ka mpa ka ba neela matsohong a lona.
Eo ke meya ya batemona, e etsang mehlolo, e yang ho marena a lefatshe le a dinaha tsohle tseo ho ahilweng ho tsona, ho a memela ntwa ya letsatsi le leholo la Modimo o matla wohle.