Joshua 9:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)11 Baholo ba rona le bohle ba ahileng haeso ba re boleletse, ba re: Nkang mofaho wa tsela matsohong a lona, le ye le ba kgahlanyetse, le re ho bona: Re bahlanka ba lona; hlabang selekane le rona jwale. See the chapterBIBELE11 Jwale baholo ba setjhaba sa rona, le baahi bohle ba naha ya rona, ba re: ‘Nkang mofao, le tsamaye, le yo ba kgahlanyetsa, le re ho bona: Re bahlanka ba lona, mme re le kopa ho etsa selekane le rona.’ See the chapter |
Naheng e nngwe le e nngwe, le motseng o mong le o mong, nqalong tsohle tseo polelo ya morena le taelo ya hae di fihlileng ho tsona, Bajuda ba dula thabong le nyakallong, ba etsa diboka le letsatsi la mokete; esita le ba bangata hara ditjhaba tsa lefatshe ba iketsa Bajuda, ka hobane letsoso la Bajuda le ne le ba wetse hodimo.