Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 8:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 mme ba ba bolaya, ho se ke ha tlola motho le a mong ya phelang, leha e le ya phonyohileng. Le morena wa Ai ba mo tshwara a sa phela, ba mo tlisa ho Joshua.

See the chapter Copy

BIBELE

23 Empa kgosi ya Ai yona ba e tshwara e ntse e phela, ba e isa ho Joshua.

See the chapter Copy




Joshua 8:23
7 Cross References  

Joshua a tsebiswa, ha thwe: Marena a mahlano a bonwe, a ipatile lehaheng la Makkeda.


Ebile Joshua o re: Thibollang monyako wa lehaha, le nntshetse lehaheng marena ao a mahlano.


le bane ba tswa motseng ho teana le bona; ebile ba Ai ba teelwa ke Baiseraele hare, ba bang ka kwano, ba bang ka kwana;


Baiseraele, eitse hobane ba qete ho bolaya ba ahileng Ai, naheng le lefeelleng, moo ba ba phalletseng teng, bohle ha ba dihilwe ka bohale ba lerumo, ba se ba timetse, Baiseraele bohle ba kgutlela Ai, ba bolaya le ba teng ka bohale ba lerumo.


A fanyeha morena wa Ai sefateng se seng, ya ba ya eba mantsiboya; letsatsi ha le dikela, Joshua a laela hore ba fanyolle setopo sa hae sefateng, mme sa lahlelwa pela kgoro ya motse; hodima sona ba qhobela qubuhadi ya majwe; e sa le teng le kajeno.


Mme sebata sa tshwarwa, mme hammoho le sona ha tshwarwa moporofeta wa bohata ya neng a etsa mehlolo pela sona, eo a kgelositseng ka yona ba nkileng letshwao la sebata le ba rapetseng setshwantsho sa sona.


A tshwara le Agage, morena wa Baamaleke, a sa utlwa, a neela setjhaba sohle anathema ka ho se bolaya ka bohale ba lerumo.


Follow us:

Advertisements


Advertisements