Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 8:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Jwale ba mekgahlelo ba tloha kapele moo ba dutseng teng, ha ba bona a otlolotse letsoho la hae; ba titima, ba kena motse, ba o nka, mme ba phakisa ba tjhesa motse.

See the chapter Copy

BIBELE

19 Bahlabani ba laletseng ba raoha kapele moo ba ipatileng teng, mme hanghang hoba Joshua a supe ka lerumo la hae ba matha, ba kena motseng, ba o hapa, ba potlakela ho o tjhesa ka mollo.

See the chapter Copy




Joshua 8:19
5 Cross References  

Yaba Jehova o re ho Joshua: Otlollela nqa Ai lerumo le letsohong la hao, hobane ke o neetse matsohong a hao. Mme Joshua a otlollela nqa Ai lerumo le letsohong la hae.


Etsa ho Ai le ho morena wa teng jwalokaha o entse ho Jeriko le ho morena wa teng; feela tse tla hapjwa teng, le dikgomo tsa teng, e tle e be mafohlo a lona. Bea mekgahlelo kamora motse.


Eitse ha ba Ai ba reteleha, ba bona mosi o etswa motseng, o nyolohela lehodimong, ba sitwa ho balehela kae le kae. Ba neng ba balehela nqa lefeelleng ba boya ho tla lwantsha ba ba phallelang.


Yaba banna ba Iseraele bohle ba ema moo ba leng teng, ba hlopholla ntwa Baale-Thamare; le Baiseraele ba laletseng ba phakisa ba tswa moo ba leng teng, thoteng ya Gibea.


Ba laletseng ba ne ba phakisitse, ba neheletse Gibea. Ba laletseng ba tswela pele, ba bolaya bohle ba motse ka bohale ba lerumo.


Follow us:

Advertisements


Advertisements