Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 6:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Motse wa Jeriko o ne o kwetswe, o haheleditswe ke ho tshaba bana ba Iseraele; ho ne ho se motho ya tswang, leha e le ya kenang.

See the chapter Copy

BIBELE

1 Menyako ya Jeriko e ne e kwetswe nti! ka baka la ho tshaba bana ba Iseraele. Ho ne ho se le ya mong ya tswang, ho se le ya mong ya kenang.

See the chapter Copy




Joshua 6:1
12 Cross References  

Eitse hobane ba tsebise Davida, a romela ho ba kgahlanyetsa, hobane banna bao ba ne ba le dihlong haholo; mme morena a re: Dulang Jeriko, ditedu tsa lona di be di mele, le ntoo boya.


Mohlomong, morena wa Assiria a fihlela phetohelo e le teng ho Osea, kamoo a rometseng manqosa kateng ho So, morena wa Egepeta, le kamoo a sa kang a nna a tlisetsa morena wa Assiria lekgetho kateng, jwalokaha a ne a entse ka selemo se seng le se seng. Yaba morena wa Assiria o mo kwalla teronkong, a mo tlama.


Elia a re ho Elisha: Ako sale mona, hobane Jehova o nthomile Jeriko. Yena a re: Ka Jehova ya utlwang, le ka moya wa hao o utlwang, nke ke ka o tlohela. Mme ba ya Jeriko.


Ekare haese Jehova ya hahang ntlo, ba e hahang ba sebeletsa lefeela; ekare haese Jehova ya bolokang motse, molebedi o fadimehela lefeela.


O ntoo tswa Janoa, o theohele Atharothe le Naaratha, ho ya fihla Jeriko le ho fella Jordane.


Metse ya leloko la Benjamine ka matlo a bona ke Jeriko, Bethe-Hogla, Emeke-Ketsitse,


Jwale, Joshua, mora Nune, ha a le Shittime, a roma banna ba babedi sephiring, ho ya bohlwela, a re: Eyang le lekole lefatshe le Jeriko. Yaba ba ya, mme ba kena tlung ya mosadi oa sehlola, bitso la hae e le Rahaba, ba robala teng.


ba re ho Joshua: Ruri, Jehova o neetse fatshe lohle matsohong a rona, le bohle ba ahileng lefatsheng leo ba nyahame dipelo ke ho re tshaba.


Banna ba motse ba ba phallela ka tsela ya Jordane, ho ya fihla madibohong; mme ha kwalwa monyako wa motse, ha ba ba phalletseng ba tswile.


Molaodi wa makgotla a Jehova a re ho Joshua: Rola dieta tsa hao maotong a hao, etswe nqalo eo o emeng ho yona e kgethehile. Mme Joshua a etsa jwalo.


Yaba Jehova o re ho Joshua: Bona, ke neetse Jeriko matsohong a hao, le morena wa teng, le bahale ba teng.


Follow us:

Advertisements


Advertisements