Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 4:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 hobane Jehova, Modimo wa lona, o ne a pshese metsi a Jordane pela lona, la ba la tshela, jwalokaha Jehova, Modimo wa lona, a ne a etse Lewatleng le Lefubedu, leo a le pshesitseng pela rona, ra ba ra tshela.

See the chapter Copy

BIBELE

23 Morena Modimo wa lona, o ne a pshese metsi a Jorodane kapele ho rona, ho fihlela le tshetse bohle, jwalokaha Morena Modimo wa lona, a ne a pshese metsi a Lewatle la Lehlaka kapele ho rona, ho fihlela re tshetse bohle.

See the chapter Copy




Joshua 4:23
8 Cross References  

o mamele, o le mahodimong, tulong tsa hao, mme o etse ka tsohle tseo motho eo wa moditjhaba a tla di kopa ho wena, hore ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tle di tsebe lebitso la hao, di o tshabe, jwalokaha setjhaba sa hao sa Iseraele se o tshaba; mme di tsebe hobane lebitso la hao le rapelwa tlung ena ke e hahileng.


Wa arole lewatle kapele ho bona, ba ba ba tshela lewatle ka tsela e omileng; ba ba phalletseng wa ba dihela madibeng, jwaloka eka ke lejwe le dihelwang metsing a matla.


Wa phatlola lewatle, wa ba tshedisa lona, wa emisa metsi jwaloka qubu;


Moshe a otlollela letsoho la hae hodima lewatle, mme Jehova a suthisa lewatle ka moya o matla wa botjhabela o fokang ka bosiu bohle, lewatle a le fetola mobu o omileng, mme metsi a phatloha.


Hobane pere tsa Faro, le makoloi a hae, le bakalli ba hae ba kene lewatleng, mme Jehova o buseditse metsi a lewatle hodima bona, kanthe bana ba Iseraele ba tsamaile moo ho omileng, mahareng a lewatle.


Ho thualo ke Jehova ya phuntsheng mmila lewatleng, le tsela metsing a matla,


Follow us:

Advertisements


Advertisements