Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 3:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Joshua a ntoo re ho setjhaba: Itlhwekiseng, hobane Jehova o tla etsa dimakatso hara lona hosasa.

See the chapter Copy

BIBELE

5 Joshua a re ho setjhaba: “Itlhwekiseng, hobane hosasane Morena o tla etsa dimakatso kahara lona.”

See the chapter Copy




Joshua 3:5
16 Cross References  

Mme enere hobane e mong le e mong a qete letsatsi la mmoka wa hae, Jobo o ne a romela ho ba bitsa, mme a ba hlatswe, a tsohe e sa le ka meso, a hlabe mahlabelo a ditjheso a lekanang dihlooho tsa bona; hobane Jobo o ne a re: Ekaba mohlomong bara ba ka ba sitilwe ka ho lebala Modimo dipelong tsa bona. Jobo a nna a etsa jwalo kamehla.


Ka letsoho la hao o lopolotse setjhaba sa hao, bana ba Jakobo le ba Josefa. (Sela.)


Hobane o moholo, o etsa meeka, o Modimo o nnotshi.


Phuthang maqheku, le bokelle bana le ba anyang letswele; monyadi a tswe tlung ya hae, le monyaduwa phaposing ya hae!


Moshe a re ho Aarone: Ke seo Jehova a na beng a se boletse, a re: Ke tla halaletswa ka ba emang pela ka, mme ke tla hodiswa mahlong a setjhaba kaofela.


Le ikgalaletse ke hona, le be le kgethehe, hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona.


setjhaba se ne se qhalana, se tle se e thonake; ba ne ba e sila ka malwala, kapa ba e tula ka boloko; ba ne ba e pheha dipitseng, kapa ba ne ba etsa dinkgwa ka yona; ka hanong e ne e utlwahala jwaloka senkgwa se dubilweng ka ole.


Mme ke ikgalalletsa bona, hore le bona ba halaletswe ka nnete.


Etlare ha bohato ba maoto a baprista ba jereng areka ya Jehova, Morena wa lefatshe lohle, bo hata metsi a Jordane, metsi a Jordane a tla aroha; metsi a theohang a etswa hodimo a etse qubu.


Ba jereng areka ha ba fihla Jordane, mme maoto a baprista ba jereng areka ha a qala ho kena metsing, (Jordane e ne e tlale, e tlole le mabopo wohle a yona ka nako yohle eo ho kotulwang ka yona)


Le mpe le siye sebaka mahareng a lona le yona areka, se ka bang ditswe tse kete tse pedi; le se ke la tla haufi le yona, le tle le tsebe tsela eo le tla ya ka yona; hobane ha le eso ho ye ka tsela eo.


Joshua a bolella le baprista, a re: Jarang areka ya selekane, le etelle setjhaba pele. Ebile ba jara areka ya selekane, ba etella setjhaba pele.


Ema, o hlwekise setjhaba, o re: Le itlhwekisetse hosasane, hobane ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Anathema e teng ho wena, Iseraele; o ke ke wa ema pela dira tsa hao, anathema e eso ho tloswe hara lona.


A re: Ke tlile ka kgotso ho hlabela Jehova; le ke le itokise, re ye le lona sehlabelong. A lokisa Jese le bara ba hae, mme a ba biletsa sehlabelong.


Follow us:

Advertisements


Advertisements