Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 23:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 a bitsa Baiseraele bohle, e le baholo ba bona, le dihlooho tsa bona, le baahlodi ba bona, le matona a bona, a re ho bona: Ke tsofetse, ke hodile.

See the chapter Copy

BIBELE

2 Ke ha Joshua a phutha Baiseraele bohle, le baholo ba bona, le dihlooho tsa bona, le baahlodi ba bona, le balaodi ba bona, mme a re ho bona: “Ke se ke tsofetse, le dilemo tsa ka di se di ile.

See the chapter Copy




Joshua 23:2
11 Cross References  

Morena Davida o ne a se a tsofetse, a hodile haholo, mme leha a ne a apeswa ka dikobo, o ne a sa futhumale.


Yaba morena Salomone o phuthela Jerusalema baholo ba Iseraele, le dihlooho tsohle tsa meloko, e leng baholo ba bontata bana ba Iseraele, hore ho tle ho latwe areka ya selekane sa Jehova motseng wa Davida, Sione.


A phutha balaodi bohle ba Iseraele, le baprista, le Balevi.


Mohlahlobi wa masimo a merara ya eba Shimei wa Rama; Sabdi wa Shefame ya eba mohlahlobi wa dipolokelo tsa veine masimong a merara.


Davida a phuthela Jerusalema marena wohle a Iseraele, dihlooho tsa meloko, le balaodi ba dihlopha tse sebeletsang morena, le balaodi ba dikete le balaodi ba makgolo, le bahlahlobi ba maruo le ba mehlape ya morena le ya bara ba hae, hammoho le matona, le banna ba bahale, le diqhenqha kaofela.


Mphutheleng baholo bohle ba meloko ya lona, le bahlahlobi ba lona, mme ke tla ba bolella ditaba tsena, ba tle ba di utlwe; mme ke tla bitsa lehodimo le lefatshe ho ba dipaki ho bona.


Joshua ha a se a tsofetse, a hodile, Jehova a re ho yena: O tsofetse, o hodile, mme ho sa setse fatshe le leholo le esong ho ruwe.


Le bone tsohle tseo Jehova, Modimo wa lona, a di entseng ho ditjhaba tsena tsohle ka baka la lona; hobane Jehova, Modimo wa lona, ke yena ya le lwanetseng.


Ebile Joshua o phuthela meloko yohle ya Iseraele Sikeme, a bitsa le baholo ba Baiseraele, le dihlooho tsa bona, le baahlodi ba bona, le matona a bona. Ba itlhahisa pela Modimo.


Bonang jwale, morena eo ke yena motsamaisi wa lona, hobane nna ke hodile, ke hlooho e putswa, mme bara ba ka ke bao, le na le bona; haele nna, ke nnile ka le tsamaisa ke sa le motjha, ho fihlela tsatsi lena.


Follow us:

Advertisements


Advertisements