Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 22:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 A re: Ipoelleng tenteng tsa lona ka maruo a maholo, ka makgomo a mangatangata, ka silefera, ka kgauta, ka koporo, ka tshepe, ka diaparo tse ngatangata, mme le arolelane le banababo lona tse hapilweng tsa dira tsa lona.

See the chapter Copy

BIBELE

8 A bua le bona, a re: “Le boela ditenteng tsa lona le ena le leruo le lengata, le diphoofolo tse ngata, le silefera, le kgauta, le lethose, le tshepe, le diaparo tse ngata. Arolelang bana babo lona tseo le di hapileng ho dira tsa lona.”

See the chapter Copy




Joshua 22:8
12 Cross References  

ka nqa botjhabela, o ne a ahile naheng e fihlang moeding wa lefeella, ho tloha nokeng ya Eufrate; hobane mehlape ya bona e ne e atile haholo naheng ya Gileade.


Jehova a tiisa mmuso letsohong la hae. Baiseraele bohle ba tlisetsa Josafate dimpho, mme a atelwa ke leruo le kganya.


Esekiase a rua maruo a maholo, mme botumo ba hae ba eba boholo; a ipokellela matlotlo a silefera le kgauta, le majwe a bohlokwa, le dibano, le dithebe, le mesebetsi yohle e ke lakatswang.


Marena a ditjhaba a baleha, a baleha; mme basadi ba disang matlo ba arolelana kgapo.


Bo kakatletse bolelele ba ditshiu letsohong le letona, le menono le boholo letsohong le letshehadi.


O arole kgapo habedi; karolo e nngwe o e nee bahlabani ba neng ba ile ntweng, e nngwe o e nee phutheho yohle.


Ka baka leo, banabeso ba ratwang, tiyang matla, le se ke la sisinyeha, mme le nne le eketse kamehla ho sebeletsa Morena, le ntse le tseba hobane mosebetsi wa lona e ke ke ya eba wa lefeela Moreneng.


a kgolwa hoba sekgobo sa Kreste ke monono o fetisang matlotlo a Egepeta; hobane o ne a tadimile moputso.


A mo isa, ba ba fihlela ba qhalane naheng yohle, ba eja, ba enwa, ba hobela, ba thabile ke kgapo yohle e kgolo eo ba e hapileng naheng ya Bafilesta le naheng ya Juda.


Ke mang ya tla le mamela tabeng tseo na? Seabo sa ya yang ntweng se tshwanetse ho lekana le seabo sa letsholakobo, ba hapiswe ka mokgwa o le mong.


Follow us:

Advertisements


Advertisements