A ba a abela setjhaba sohle, e leng bongata bohle ba Iseraele, banna le basadi, e mong le e mong, polokwe ya bohobe, le sesuma sa nama e besitsweng, le senkgwa sa morara. Setjhaba sa ntoo ikela e mong hae ha hae.
Davida le yena a boela hae ho ya hlohonolofatsa ntlo ya hae. Mikale, moradi wa Saule, a tswela ho ya kgahlanyetsa Davida, a re: Morena wa Iseraele o itlhomphile hakakang, ha a hlobotse kajeno pontsheng ya makgabunyane a bahlanka ba hae, jwalokaha ho ka hlobola motho wa lefeela!
Ka letsatsi la boroba meno e le mmedi, Salomone a kgutlisa setjhaba; hobane ba hlohonolofatse morena, ba ikela hae tenteng tsa bona ka pelo tse thabileng, tse nyakaletseng ke molemo wohle oo Jehova a o etseditseng Davida, mohlanka wa hae, le setjhaba sa hae sa Iseraele.
Hobane ba bangata hara setjhaba, haholo Baefraime le Bamanasse, le Baissaskare le Basabulone, ba ne ba sa ka ba itlhwekisa, mme ba eja Paseka, ka mokgwa o fapaneng le o ngodilweng. Empa Esekiase o ne a ba rapeletse, a re: Wena, Jehova, o leng molemo, o tshwarele bohle
Simeone a ba hlohonolofatsa, a re ho Maria, mma ngwana: Bona, ngwana enwa o beetswe ho wa le ho tsoha ha ba bangata Iseraeleng, le ho ba pontsho e hanyetswang;
Samuele a tsebisa setjhaba mekgwa ya borena, a e ngola bukeng, a e bea pela Jehova. Ebile Samuele o kgutlisa setjhaba kaofela, a re: E mong le e mong a ye ha hae.
Saule a ikgethela kete tse tharo tsa Baiseraele; kete tse pedi tsa dula ho Saule, Mikmashe, le thabeng ya Bethele, se seng sa dula ho Jonathane, Gibea wa Benjamine; haele ba setseng ba setjhaba, a ba kgutlisetsa e mong le e mong tenteng ya hae.
Jwale, Eli a hlohonolofatsa Elkana le mosadi wa hae, a re: Jehova a o tsosetse bana ka mosadi enwa bakeng sa ngwana eo a kileng a mo abela Jehova. Ba ntoo kgutlela habo.