Joshua 22:34 - Sesotho 1909/1961 (SO)34 Haele bana ba Rubene, le bana ba Gade, ba rea aletare eo lebitso la Ede, ba re: Ke paki ho rona ya hore Jehova ke Modimo. See the chapterBIBELE34 Bana ba Rubene le bana ba Gade ba rea aletare eo lebitso la “Paki”, hobane ba ne ba re: “Ena ke paki ho rona bohle hore Morena ke Modimo.” See the chapter |
e mpe e be bopaki mahareng a rona le lona le ditloholo tsa rona tse re hlahlamang, ba hore re na le tokelo ya ho etsa tshebeletso ya Jehova pela hae ka ditjheso tsa rona, le ka mahlabelo a rona a dipheko, le ka mahlabelo a rona a teboho; mehleng e tlang, bana ba lona ba tle ba se ke ba re ho bana ba rona: Ha le na kabelo ho Jehova.