Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 21:34 - Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Ba matlo a bana ba Merari ba setseng ba Balevi ba newa, lelokong la Sabulone, Jokneame le meraka ya wona, Kartha le meraka ya wona;

See the chapter Copy

BIBELE

34 Naheng ya morabe wa Sebulone, malapa a bana ba Merari, e leng a mang a Balevi, a abelwa Jokoneame le makgulo a yona, le Karata le makgulo a yona,

See the chapter Copy




Joshua 21:34
9 Cross References  

Banababo bona, e leng Balevi ba bang, le bona ba newa ditshebetso tsohle tsa tabernakele ya ntlo ya Modimo.


Bara ba Merari, ka ho ya ka meloko ya bona, ba newa metse e leshome le metso e mmedi ka lotho lelokong la Rubene, le lelokong la Gade, le lelokong la Sabulone.


Ba setseng ba bana ba Merari, lelokong la Sabulone ba newa Rimmone le mathoko a teng, le Thabore le mathoko a teng;


e mong hape, ke morena wa Kedeshe, e mong hape, ke morena wa Jokneame, wa Karmele;


Moedi wa lefa la bona o fihla Saride; moedi wa bona hape o leba Mareala, nqa bophirimela, o fihla Dabbeshethe, o ya le nokeng e pela Jokneame.


Hape, ke Katthathe, Nahalale, Shimrone, Jideala, le Bethlehema: ke metse e leshome le metso e mmedi le metsana ya yona.


Metse yohle ya Bagershone ka matlo a bona ke metse e leshome le metso e meraro le meraka ya yona.


Dimna le meraka ya wona, Nahalale le meraka ya wona: metse e mene.


Bana ba Merari ba newa ka matlo a bona metse e leshome le metso e mmedi lelokong la Rubene, le lelokong la Gade, le lelokong la Sabulone.


Follow us:

Advertisements


Advertisements