Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 19:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Moedi o ntoo fihla Thabore, le Shakatsima, le Bethe-Shemeshe; hape moedi wa bona o ya fella Jordane: ke metse e leshome le metso e tsheletseng le metsana ya yona.

See the chapter Copy

BIBELE

22 Moedi o ne o fihla Tabore, le Shahasaime, le Bete-Shemeshe; o yo fella Jorodane. E ne e le metse e leshome le metso e tsheletseng, le metsana ya yona.

See the chapter Copy




Joshua 19:22
14 Cross References  

ke Bene-Dekere, a beilwe Makatse, le Saalbime, le Bethe-Shemeshe, le Elone, le Bethe-Hanane.


Bara ba Gershome bona, ka ho ya ka meloko ya bona, ba newa metse e leshome le metso e meraro lelokong la Issaskare, le lelokong la Asere, le lelokong la Nefthali, le lelokong la Manasse naheng ya Bashane.


Ba setseng ba bana ba Merari, lelokong la Sabulone ba newa Rimmone le mathoko a teng, le Thabore le mathoko a teng;


O bopile leboya le borwa; Thabore le Hermone di rorisa lebitso la hao.


Ke a phela, ho bolela Morena eo Jehova wa makgotla e leng lebitso la hae, hore, jwalokaha Thabore a le hara dithaba, le jwalokaha Karmele a le pela lewatle, o ya tla.


Ha o tloha Saride, o pota ka nqa botjhabatsatsi naheng ya Kislothe-Thabore, o ntoo fetela Dabrathe, o nyolosetsa Jafia;


le Remethe, le Ene-Gannime, le Ene-Kadda, le Bethe-Patsetse.


Ke leo lefa la leloko la bana ba Issaskare ka matlo a bona; ke eo metse le metsana ya yona.


Jireone, Migdale-Ele, Horeme, Bethe-Anathe, le Bethe-Shemeshe: ke metse e leshome le metso e robileng mono o le mong le metsana ya yona.


le Aine le meraka ya wona, le Jutta le meraka ya wona, le Bethe-Shemeshe le meraka ya wona: metse e robileng mono o le mong melokong eo e mmedi.


Sisera a tsebiswa, ha thwe: Barake, mora Abinoame, o hlwele thaba ya Thabore.


Debora a romela ho bitsa Barake, mora Abinoame, wa Kedeshe-Nefthali, a re ho yena: Ha ke re, Jehova, Modimo wa Iseraele, o laetse taba ena? Eya, o hlwe thaba ya Thabore, o nke banna ba kete tse leshome ba bana ba Nefthali le ba bana ba Sabulone.


Follow us:

Advertisements


Advertisements