Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 17:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 leha e le moru le tla ikgathela teng, le phello ya wona e tla ba ya lona; hobane le tla leleka Bakanana, leha ba ena le makoloi a tshepe, hape ba le matla.

See the chapter Copy

BIBELE

18 Naha e maralla e tla ba ya lona, hobane leha e tletse meru le tla e hleka, e be ya lona ho ya fihla meeding ya yona. Leha Bakanana ba ena le dikariki tsa ntwa, tse entsweng ka tshepe, mme ba le matla, le tla ba leleka.”

See the chapter Copy




Joshua 17:18
18 Cross References  

Empa seqha sa hae se dutse se tiile, mme matla a matsoho a hae a tiisitswe ke matsoho a senatla sa Jakobo, e leng Modisa le Lefika la Iseraele.


Jwale, setjhaba sa tswela naheng ho ya kopanya ntwa le Baiseraele, mme ntwa ya lwana morung wa Efraime.


Ana re tla reng tabeng tseo na? Ha Modimo o eme le rona, ke mang ya ka hanang ho rona na?


Tjhe! Empa nthong tseo tsohle, re hlola ka ho fetisisa ka ya re ratileng.


Bokgabane ba hae bo jwaloka ba letsibolo la dikgomo tsa hae, mme dinaka tsa hae di jwaloka dinaka tsa nare; ka tsona o tla hlaba ditjhaba tsohle ho isa dipheletsong tsa lefatshe; ke dikete tse mashome tsa Efraime, ke dikete tsa Manasse.


Ka baka leo, re ka re ka tshepo: Morena ke mothusi wa ka, nke ke ka tshoha letho; motho a ka nketsang?


Bohle ba ahileng sehlabeng, ho tloha Lebanone ho isa Misrefothe-Maime, Basidone kaofela,


Moedi o seha ho tloha qhoweng ya thaba ho isa sedibeng sa metsi a Nefthoa, o fihle metseng ya thaba ya Efrone; o ntoo lebiswa Baala, e leng Kiryathe-Jearime.


Joshua a bolella ba ntlo ya Josefa, Baefraime le Bamanasse, a re: Empa le batho ba bangata, le matla haholo, le ke ke la ba le seabo se le seng feela; hobane thaba e tla ba ya lona;


Yaba ba khetha Kedeshe wa Galelea, thabeng ya Nefthali, le Sikeme, thabeng ya Efraime, le Kiryath-Arba, e leng Hebrone, thabeng ya Juda.


Monna e mong o ne a le teng wa Ramathaime-Tsofime, wa thaba ya Efraime, lebitso la hae e le Elkana, mora Jerohame, mora Elihu, mora Thohu, mora Tsufe, Moefrathe.


Follow us:

Advertisements


Advertisements