Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 16:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Nqa bophirimela, moedi o tloha Tappua ho leba nokeng ya Kana, mme o ya fella lewatleng. Ke leo lefa la leloko la bana ba Efraime, ka matlo a bona.

See the chapter Copy

BIBELE

8 Ho tloha Tapua moedi o ne o leba bophirimela, ho ya fihla molatswaneng wa Kana, o yo fella lewatleng. Ena ke yona naha ya morabe wa bana ba Efraime, ho ya ka malapa abo bona;

See the chapter Copy




Joshua 16:8
10 Cross References  

Teng, a mmea morena wa Gileade, le wa Bageshure le wa Jisreele, le wa Efraime, le wa Benjamine, le wa Baiseraele bohle.


Fatshe la bona le neng le ruilwe ke bona le madulo a bona e ne e le Bethele le metsana ya teng, le Naarane ka nqa botjhabela, le Gesere nqa bophirimela le metsana ya teng; Sikeme le metsana ya teng, ho ya fihla Gasa le metsana ya teng;


Moeding wa Manasse, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, ke Efraime.


Moedi wa lona ka nqa bophirimela, e tla ba Lewatle le Leholo; ke wona moedi wa lona ka nqa bophirimela.


morena wa Tappua ke e mong; e mong, ke morena wa Hefere;


Metse e meng ya arolelwa bana ba Efraime lefeng la bana ba Manasse, metse eo yohle e na le metsana ya yona.


Moedi wa Manasse o tloha Asere ho isa Mikmethathe o pela Sikeme; moedi o ntoo leba ka ho le letona ho fihla moo ho ahileng ba Ene-Thappua.


le Ebrone, le Rehobe, le Hammone, le Kana, ho isa Sidone e moholo.


Follow us:

Advertisements


Advertisements