Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 14:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Leha ho le jwalo, ke sa le matla le kajeno, jwaloka mohla Moshe a nthomang; jwalokaha matla a ka a ne a le jwalo mohlang oo, le kajeno matla a ka a ho lwana a ntse a le teng, a ho futuha le a ho boya.

See the chapter Copy

BIBELE

11 Empa le kajeno ke ntse ke le matla jwaloka mohla Moshe a neng a nthoma. Matla a ka a kajeno a ntse a ka a nako yona yane; e ka ba matla a ho lwana, kapa a ho itsamaela feela.

See the chapter Copy




Joshua 14:11
7 Cross References  

O kgorisa molomo wa hao ka tse molemo, mme botjha ba hao bo ntjhafala jwaloka ntsu.


Matsatsi a ho phela ha rona ke dilemo tse mashome a supileng, ho ba matla ke tse mashome a robileng meno e le mmedi; boikakaso ba tsona ke kgathatso le bomadimabe; hobane bophelo ba rona bo fela kapele, bo ikela koo.


Empa ba itshepelang Jehova ba bona matla a matjha, ba fofa jwaloka ntsu, ba matha, mme ha ba kgathale; ba tsamaya, mme ha ba fokole.


a re ho bona: Kajeno, ke na le dilemo tse lekgolo le nang le mashome a mabedi; ha ke sa na ho tswa le ho kena; hape, Jehova o mpoleletse, a re: O ke ke wa tshela Jordane.


Mekwallo ya hao ke ya tshepe le ya koporo, mme matla a hao a tla lekana le matsatsi a hao.


Mohla Moshe a shwang, o ne a le dilemo tse lekgolo le nang le mashome a mabedi; mahlo a hae a ne a eso ho fifale; mme matla a hae a ne a eso ho kokobele.


Bona, jwale Jehova o bolokile bophelo ba ka ka lemo tsena tse mashome a mane a metso e mehlano, jwalokaha a ne a boletse, haesale Jehova a bolella Moshe taba ena, ha Baiseraele ba ne ba ntse ba tsamaya lefeelleng; mme le ka bona, kajeno ke na le dilemo tse mashome a robileng meno e le mmedi a nang le metso e mehlano.


Follow us:

Advertisements


Advertisements