28 Ke lona lefa la bana ba Gade, ka matlo a bona, le metse le metsana ya teng.
28 Lena ke lefa la bana ba Gade, ho ya ka malapa abo bona, e leng metse le metsana ya yona.
Ba kile ba aha naheng ya Gileade, Bashane, le metseng ya teng, le merakeng yohle ya Sarone, meeding ya yona.
Lehwatateng ke Bethe-Arame, le Bethe-Nimra, le Sukkothe, le Tsafone, e leng ho setseng ha mmuso wa Sihone, morena wa Heshbone; Jordane ke moedi wa teng, ho isa phellong ya letsha la Kinnerethe, mose wane wa Jordane, nqa botjhabela.
Hape, Moshe o ne a neile ba mothapo wa leloko la Manasse lefa; lefa la mothapo o mong wa bana ba Manasse la dula jwana: