Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 13:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Leha ho le jwalo, bana ba Iseraele ha ba ka ba leleka Bageshure, leha e le Bamaakathe; Bageshure le Bamaakathe ba ahile Iseraeleng ho fihlela kajeno.

See the chapter Copy

BIBELE

13 Leha ho le jwalo, bana ba Iseraele ha ba a ka ba leleka Bageshure le Bamaaka; kahoo Bageshure le Bamaaka ba aha hara Baiseraele, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.

See the chapter Copy




Joshua 13:13
13 Cross References  

Yare Iseraele ha a sa aheletse naheng eo, Rubene a ya robala le Bilha, serethe sa ntatae; mme Iseraele a utlwa taba eo.


Bana ba Ammone ba bona hobane ba ikentse ba nkgang hampe ho Davida; yaba bana ba Ammone ba romela ho mema Basiria ba Bethe-Rehobe, le Basiria ba Tsoba, e le batho ba mashome a mabedi a dikete ba maoto, ba morena wa Maaka e le ba sekete se le seng, le ba Tobe e le ba dikete tse leshome le metso e mmedi.


wa bobedi ke Kileabe ka Abigaile, mosadi wa Nabale wa Karmele; wa boraro ke Absalome, mora Maaka, moradi wa Talmai, morena wa Geshure;


Empa ha le sa lelekise baahi ba naha pela lona, bao le ba tlohetseng ba tla ba jwaloka meutlwa mahlong a lona, le ditsenene mahlakoreng a lona; ba tla le patisa naheng eo le ikahelang ho yona.


Jaire, mora Manasse, a nka naha yohle ya Argobe ho isa moeding wa Bageshure le wa Bamaakathe, mme a reella metse ya Bashane lebitso la hae; e ntse e le Havvoth-Jaire le kajeno.


o ne a busa thaba ya Hermone, le Salka, le Bashane kaofela, ho isa naheng ya Bageshure, le Bamaakathe, le sekoto se seng sa Gileade, moedi wa Sihone, morena wa Heshbone.


le Gileade, le naha ya Bageshure, le ya Bamaakathe, le thaba yohle ya Hermone, le Bashane kaofela, ho isa Salka;


le mmuso wohle wa Oge, Bashane, ya neng a busa Ashtarothe le Edrei, ya neng a setse wa Barefaime; Moshe o ne a ba hlole, a ba a ba leleka.


Haele leloko la Balevi ha a ka a le nea lefa; mahlabelo a beelwang Jehova, Modimo wa Iseraele, ke wona e leng lefa la bona, jwalokaha a ne a ba boleletse.


Ha a le teng, Davida le banna ba hae ba futuhela Bageshure, le Bagirese, le Baamaleke, e leng beng ba naha eo, ho isa Shure, le naheng ya Egepeta.


Follow us:

Advertisements


Advertisements