Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 11:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ha ho a ka ha sala motho le a mong wa Baanake fatsheng la bana ba Iseraele; feela ha nna ha sala ba seng bakae Gasa, le Gathe, le Ashdode.

See the chapter Copy

BIBELE

22 Ha ho le ya mong wa Baanake ya ileng a sala naheng ya bana ba Iseraele, haese Gasa, le Gate, le Ashedode feela, moo methwaela e ileng ya sala.

See the chapter Copy




Joshua 11:22
19 Cross References  

Eitse hobane ho fete dilemo tse tharo, bahlanka ba babedi ba Shimei ba balehela ho Akishe, mora Maaka, morena wa Gathe. Shimei a tsebiswa, ha thwe: Bahlanka ba hao ke bane, Gathe.


Kamora tseo, Davida a fenya Bafilesta, a ba kokobetsa, mme a amoha Bafilesta Gathe le metsana ya naha ya teng.


Hape, ke Beria le Shema, dihlooho tsa matlo a bontata baahi ba Ajalone, ba neng ba leleke ba ahileng Gathe;


A tswa, a futuhela Bafilesta, a heletsa lerako la Gathe, le lerako la Jabne, le lerako la Ashdode, mme a haha metse Ashdode le naheng ya Bafilesta.


Ka selemo seo Tharthane a neng a futuhele Ashdode, mohla a rongwang ke Sargone, morena wa Assiria, a ba a patela Ashdode, a o hlola,


Haele Filipi, a tshoha a se a le Asote, mme ha a ntse a tsamaya, a bolela Evangeli metseng yohle, a ba a fihla Sesarea.


Haele Baavvime ba neng ba ahile metebong ho ya fihla Gasa, Bakaftorime ba tswileng Kaftore, ba ba fedisa, ba ba ba aha tulong tsa bona.]


Ke setjhaba se seholo, se boemo bo bolelele, ke ditloholo tsa Baanake bao o ba tsebang, bao o utlwileng ha ho thwe: Ho ka ema mang pela bana ba Anake?


Joshua a ba hlola ho tloha Kadeshe-Barnea, ho isa Gasa, ka naha yohle ya Goshene, ho ya fihla Gibeone.


Kalebe a leleka teng bara ba bararo ba Anake, Sheshai, le Akimane, le Talmai, bana ba Anake.


ho tloha Ekrone ho isa lewatleng, naha yohle e pela Ashdode, le metsana ya yona;


Ashdode, le metse ya teng le metsana ya yona; Gasa le metse ya teng le metsana ya yona, ho isa molapong wa Egepeta le Lewatleng le Leholo, lebopong la lona.


Juda a nka le Gasa le naha ya teng, le Ashkelone le naha ya teng, le Ekrone le naha ya teng.


Ke marena a mahlano a Bafilesta, le Bakanana kaofela, le Basidone, le Baheve ba ahileng thabeng ya Lebanone, ho tloha thabeng ya Baale-Hermone ho isa makgalong a Hamathe.


Ebile monaila o tswa makgotleng a Bafilesta, lebitso la hae e le Goliathe wa Gathe; bolelele ba hae e ne e le ditswe tse tsheletseng tse nang le boahlamo ba seatla.


Haele Bafilesta, ba ne ba nkile areka ya Modimo; ba e tlosa Eben-Esere, ba e isa Ashdode.


Follow us:

Advertisements


Advertisements